Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Bang Balumeli ba Tšepahalang le Baahi ba Nang le Boikarabelo

Kamoo re ka Bang Balumeli ba Tšepahalang le Baahi ba Nang le Boikarabelo

Kamoo re ka Bang Balumeli ba Tšepahalang le Baahi ba Nang le Boikarabelo

KE LINTHO life tse peli tse neng li hlaheletse tšebeletsong ea Jesu? Ea pele, Jesu o ne a batla ho fetola batho eseng ho ntlafatsa mekhatlo ea lipolotiki. Ka mohlala, hlokomela seo Jesu a ileng a se hatisa Thutong ea hae ea Thabeng. Pele a bua ka bohlokoa ba hore balateli ba hae e lokela ho ba letsoai le leseli, o ile a bolella bamameli ba hae hore batho ba thabileng e le kannete ke ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” O ile a eketsa ka ho re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo . . . ba lipelo li hloekileng, . . . ba nang le khotso.” (Matheu 5:1-11) Jesu o ile a thusa balateli ba hae hore ba hlokomele bohlokoa ba ho etsa hore menahano le maikutlo a bona li lumellane le seo Molimo a reng se nepahetse le seo a reng se fosahetse hammoho le bohlokoa ba ho sebeletsa Molimo ka lipelo tsohle.

Ea bobeli, ha Jesu a bona batho ba le mahlomoleng, o ile a ba utloela bohloko ’me seo se ile sa etsa hore a ba imolle. Leha ho le joalo, ha aa ka a leka ho felisa mahlomola ka ho feletseng. (Matheu 20:30-34) O ile a folisa batho ba kulang empa ho kula ha hoa ka ha fela. (Luka 6:17-19) O ile a imolla ba hateletsoeng empa ho hloka toka ho ile ha ’na ha tsoela pele ho utloisa batho bohloko. O ile a fepa ba lapileng empa tlala e ile ea tsoela pele e ntse e le teng.—Mareka 6:41-44.

Ho Fetola Batho le ho ba Imolla Mahlomoleng

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a amehile ka ho fetola batho le ho ba imolla mahlomoleng a bona ho e-na le ho ameha ka ho ntlafatsa mekhatlo ea batho kapa ho felisa mahlomola? Jesu o ne a tseba hore nakong e tlang Molimo o rerile ho sebelisa ’Muso oa Hae ho felisa mebuso ea batho le ho felisa lintho tse bakelang batho mahlomola. (Luka 4:43; 8:1) Kahoo, ha barutuoa ba ne ba kōpa Jesu hore a qete nako e eketsehileng a folisa ba kulang, Jesu o ile a re ho bona: “A re eeng sebakeng se seng sesele, litoropong tse haufi tsa metsana, e le hore nka bolela le moo, kaha ke tsoile ka morero ona.” (Mareka 1:32-38) Jesu o ile a imolla batho bohlokong boo ba neng ba bo utloa empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho eena e ne e le ho bolela le ho ruta lentsoe la Molimo.

Lipaki Tsa Jehova kajeno, li leka ho etsisa Jesu ha li etsa mosebetsi oa tsona oa boboleli. Li leka ho imolla batho mahlomoleng a bona ka ho fana ka thuso ho ba e hlokang. Empa Lipaki ha li leke ho felisa ho hloka toka lefatšeng. Li lumela hore ’Muso oa Molimo o tla felisa lintho tsohle tse bakelang batho mahlomola. (Matheu 6:10) Joaloka Jesu, Lipaki li batla ho fetola batho eseng ho ntlafatsa mekhatlo ea lipolotiki. Ho etsa sena ke ntho e utloahalang hobane mathata a maholo a batho ha a bakoe ke lipolotiki empa a bakoa ke tsela eo batho ba etsang lintho ka eona.

Baahi ba Nang le Boikarabelo

Ka nako e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ke boikarabelo ba tsona joaloka Bakreste ho ba baahi ba molemo. Kahoo li hlompha mebuso eo li leng tlas’a eona. Ka mosebetsi oa tsona oa boboleli le ka lingoliloeng tsa tsona, li khothalletsa baahelani ba tsona ho ikobela molao. Leha ho le joalo, ha mebuso e laela hore li etse se khahlanong le molao oa Molimo, Lipaki ha li lumellane le seo. Li “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29; Baroma 13:1-7.

Lipaki Tsa Jehova li etela baahelani bohle ba tsona ’me li kōpa ho ithuta le bona Bibele ntle ho tefo. Thuto ena e entse hore batho ba limilione ba fetohe. Selemo le selemo batho ba likete tse makholo ba thusoa ho hlōla mekhoa e senyang bophelo e kang ho tsuba, botahoa, ho sebelisa lithethefatsi, papali ea chelete le boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate. Kaha ba ithutile ho sebelisa keletso ea Bibele bophelong ba bona, e se e le batho ba itšoereng hantle le ba nang le boikarabelo.—Sheba sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho,” leqepheng la 18 makasineng ena.

Ho feta moo, ho ithuta Bibele ho thusa litho tsa malapa hore li hlomphane haholoanyane le ho ba le mekhoa e metle ea ho buisana—ebang ke puisano pakeng tsa banyalani, batsoali le bana, esita le pakeng tsa bana ka bo bona. Ho buisana ka tsela ena ho ntlafatsa maqhama pakeng tsa litho tsa malapa. Malapa a matla a bōpa sechaba se matla le ho feta.

Ka mor’a ho hlahloba lintlha tse tšohliloeng lihloohong tsena, u nahana joang: Na Bibele e tšehetsa batho ba nkang hore bolumeli bo lokela ho kopana le lipolotiki? Karabo e hlakile; che, ha e ba tšehetse. Empa na Bakreste ba ’nete e lokela ho ba baahi ba nang le boikarabelo? Ho joalo. Ba ka etsa seo joang? Ka ho latela taelo ea Jesu ea ho ba letsoai le ho ba leseli la lefatše.

Batho ba lekang ho latela tataiso ena ea Kreste ba tla ruisa bona le ba malapa a bona molemo—hammoho le sechaba libakeng tseo ba phelang ho tsona. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u bolella ka ho eketsehileng ka lenaneo la ho ithuta Bibele le ntseng le tsoela pele sebakeng sa heno. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Haeba u rata, u ka ikopanya le Lipaki Tsa Jehova Websaeteng ea tsona ea www.watchtower.org

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Jesu o ne a batla ho fetola batho eseng ho ntlafatsa mekhatlo ea lipolotiki

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ke boikarabelo ba tsona hore e be baahi ba molemo