Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ho ne ho sebelisoa enke le lipene tsa mofuta ofe mehleng ea Bibele?

Lipene tsa lehlaka tse tsoang Egepeta, hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo C.E.

Qetellong ea lengolo la hae la boraro ho a mararo a ka Bibeleng, moapostola Johanne o ile a re: “Ke ne ke e-na le lintho tse ngata tseo nka u ngollang tsona, empa leha ho le joalo ha ke lakatse ho tsoela pele ho u ngolla ka enke le pene.” Phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Segerike sa khale eo Johanne a ileng a e sebelisa e bontša hore o ne a sa lakatse ho tsoela pele a ngola ka “enke le lehlaka.”—3 Johanne 13, The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scripture.

Pene eo mongoli a neng a e sebelisa e ne e le lehlaka le letelele le omeletseng. Le ne le petsoloa ka lehare ka tsela e tšekaletseng ebe lea chorisoa hore le be le ntlha. Mongoli o ne a ka leotsa ntlha ea lehlaka ka lejoe le khorofo. Lehlaka le ne le ngola hantle joaloka lipene tsa enke tsa kajeno tsa ntlhana ea nipi.

Hangata, ha ho ne ho etsoa enke ho ne ho tsoakoa mosili le bōka bo kang rabara, bo neng bo sebelisoa joaloka sekhomaretsi. Enke e ne e rekisoa e omme ’me e ne e lokela ho tsoakoa ka metsi ka mokhoa o nepahetseng pele e ka sebelisoa. Ha ho ngoloa, enke eo e ne e oma pampiring ea loli kapa letlalong ’me e ne e sa phunyeletse. Kahoo, mongoli o ne a ka phumola liphoso ka seponche se metsi ’me seponche sena e ne e le e ’ngoe ea lintho tsa motheo tseo mongoli a neng a lula a e-na le tsona. Ntlha ena e amanang le enke ea boholo-holo e re hlakisetsa hantle hore na bangoli ba Bibele ba ne ba nahanne’ng ha ba ne ba bua ka hore mabitso a ne a tla phumoloa kapa a hlakoloe bukeng ea Molimo ea khopotso.—Exoda 32:32, 33; Tšenolo 3:5, Kingdom Interlinear.

Moapostola Pauluse o ne a etsa litente tsa mofuta ofe?

Lisebelisoa tsa ho rōka tsa lekholong la pele kapa la bobeli la lilemo C.E.

Lengolo la Liketso 18:3 le re mosebetsi oa moapostola Pauluse e ne e le ho etsa litente. Mehleng ea Bibele, baetsi ba litente ba ne ba loha boea ba likamele kapa ba lipōli e le hore ba etse likhoele. Ebe ba rokella likhoele tseo hammoho e le hore ba etsetse batsamai litente. Leha ho le joalo, mehleng eo litente tse ngata li ne li etsoa ka letlalo. Litente tse ling li ne li etsoa ka line, e neng e etsoa motseng oo Pauluse a neng a tsoa ho oona oa Tarsase. Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a sebelisa mefuta eohle ea masela a neng a etsa litente. Leha ho le joalo, ha a ntse a sebetsa le Akuila, ho ka etsahala hore Pauluse o ne a etsetsa batho mathule a tente a neng a etsa moriti liforanteng tsa matlo.

Ho bonahala Pauluse a ile a ithuta mosebetsi ona e sa le mocha. Bopaki bo tsoang libukeng tsa loli tsa Egepeta bo bontša hore nakong ea puso ea Maroma, bacha ba Egepeta ba ne ba ithuta mosebetsi o itseng oa matsoho ’me ba ne ba sebetsa ho tloha ha ba li lilemo li 13. Haeba Pauluse o ne a le lilemong tseo ha a ne a qala ho ithuta mosebetsi oa ho etsa litente, e tlameha ebe ha a le lilemo li 15 kapa 16 o ne a se a ipabola mosebetsing oa ho seha lesela ho ea ka boholo le sebōpeho se hlokahalang le ho le rōka a sebelisa lielese tse fapa-fapaneng le mekhoa e fapa-fapaneng ea ho rōka. Buka ea The Social Context of Paul’s Ministry, e re: “Ka mor’a hore a ithute mosebetsi ona, e tlameha ebe Pauluse o ile a fuoa sete ea lithulusi tseo a neng a tla li sebelisa. Ho ba le lithipa le lielese tse ikhethang ho ne ho ka etsa hore mosebetsi oa ho etsa litente e be o bonolo le oo motho a ka o etsang a le kae kapa kae.” Pauluse o ne a ka etsa mosebetsi oo e le hore a iphelise ha a ntse a tsamaea joaloka moromuoa.