Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BABALI BA BATLA HO TSEBA . . .

Ke Eng Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese?

Ke Eng Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese?

Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba keteka Keresemese ka mabaka a sa tšoaneng. Ho ba bang ke nako ea hore ba ithabise le metsoalle le ba lelapa. Ba bang ba nka hore ke nako ea ho nahana ka Molimo kapa ea ho thusa batho ba hlokang. Ha ho letho le phoso ka ho etsa lintho tsena. Leha ho le joalo, lintho tsena tse molemo tseo ba li etsang, li amana le lintho tse fosahetseng tsa letsatsi lena la phomolo.

Ntlha ea pele, batho ba bangata ba ketekang letsatsi lena ba lumela hore Keresemese ke letsatsi la Jesu la tsoalo. Leha ho le joalo, bo-rahistori ba bangata ba lumellana ka hore letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona ha le tsejoe. Buka e bitsoang The Christian Book of Why e re: “Bakreste ba pele ba ile ba hana ho khetha letsatsi le tšoaeang letsatsi la Jesu la tsoalo” hobane ba ne ba batla ho “ikarola linthong tsohle tsa bohetene.” Hoa thahasellisa hore ebe ha ho moo Bibele e bontšang hore ho na le mohla Jesu a kileng a keteka letsatsi la hae la tsoalo kapa la motho e mong. Ho fapana le hoo, o ile a laela balateli ba hae hore ba ikhopotse lefu la hae.—Luka 22:19.

Ntlha ea bobeli, litsebi tse ngata lia lumela hore litloaelo tse ngata tsa Keresemese ha li simolohe Bokresteng empa li simoloha litloaelong tsa bohetene. Sena se akarelletsa Santa Claus, ho sebelisa sefate sa mistletoe le sa Keresemese, ho fana ka limpho, ho khantša likerese le ho besa likoqo tsa Keresemese, ho fanyeha moqhaka oa lipalesa le ho bina lipina tsa Keresemese. Ha e bua ka litloaelo tsena, buka ea The Externals of the Catholic Church e re: “Ha re fana kapa re fuoa limpho tsa Keresemese ’me re fanyeha meqhaka e metala ea lipalesa ka matlung a rōna le likerekeng, ho tseba mang hore re keteka litloaelo tsa bohetene?”

“Ha re fana kapa re fuoa limpho tsa Keresemese ’me re fanyeha meqhaka e metala ea lipalesa ka matlung a rōna le likerekeng, ho tseba mang hore re keteka litloaelo tsa bohetene?”—The Externals of the Catholic Church

Leha ho le joalo, u ka ipotsa hore na ke eng se phoso ka ho keteka litloaelo tsena tse bonahalang li se mpe. Nahana ka ntlha ena ea boraro ’me u bone hore na e ke ke ea araba potso ena. Molimo ha a batle hore borapeli ba ’nete bo silafatsoe ke litloaelo tsa bohetene. Jehova Molimo o ile a bululela moprofeta oa Hae Amose hore a bue le Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba tsoile tseleng a re: “Ke hloile, ke lahlile mekete ea lōna . . . Tlosang ho ’na morusu oa lipina tsa lōna.”—Amose 5:21, 23.

Ke hobane’ng ha a buile mantsoe a matla hakaalo? Nahana ka lintho tseo batho ba neng ba phela ’musong o ka leboea oa Iseraele ea boholo-holo ba neng ba li etsa. Morena oa pele, e leng Jeroboame o ile a beha namane ea khauta Dane le Bethele ’me a susumelletsa batho hore ba e rapele ho e-na le hore ba rapele Jehova Molimo ka tsela e nepahetseng tempeleng e Jerusalema. Morena o ile a boela a etsa mekete ’me a khetha baprista hore ba etelle pele sechaba meketeng eo.—1 Marena 12:26-33.

Seo Baiseraele bao ba neng ba se etsa se ne se bonahala se le molemo. Ho feta moo, na ba ne sa etse lintho tseo tsohle hobane ba re ba tlotlisa Molimo? Mantsoe ao Molimo a ileng a a bululela Amose le baprofeta ba bang a bontša ka ho hlaka hore na Molimo o ne a ikutloa joang ka litloaelo tse joalo. Jehova o ile a bululela moprofeta Malakia hore a re: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Na seo ha se re bolelle kamoo Molimo a ikutloang kateng ha batho ba keteka Keresemese kajeno?

Ka mor’a hore ba nahane ka lintlha tse ka holimo, batho ba limilione ba entse qeto ea hore ba se ke ba hlola ba keteka Keresemese. Ho e-na le hoo, baa thaba ’me baa khotsofala ha ba qeta nako ba e-na le metsoalle le ba lelapa ’me ba thusa mafutsana ka nako e ’ngoe le e ’ngoe selemong.