Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BIBELE E FETOLA BATHO

’Nete ea Bibele e Ile ea Nkotla Botsekeng

’Nete ea Bibele e Ile ea Nkotla Botsekeng
  • KE HLAHILE KA: 1987

  • NAHA EA HESO: AZERBAIJAN

  • PELE: KE HŌLISITSOE KE NTATE OA MOMOSLEME LE ’MÈ OA MOJUDA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Baku, Azerbaijan, ’me ke ngoan’a ho fela lelapeng la bana ba babeli. Ntate e ne e le Momosleme ’me ’Mè eena e le Mojuda. Batsoali ba ka ba ne ba ratana haholo ebile ba amohela ho se tšoane ha litumelo tsa bona. ’Mè o ne a tšehetsa Ntate nakong ea ho itima lijo ea Ramadan, le Ntate a tšehetsa ’Mè nakong ea Paseka. Lapeng ho ne ho e-na le Koran, Torah le Bibele.

Ke ne ke inka ke le Momosleme. Le hoja ke ne ke e-s’o belaelle boteng ba Molimo, ho ne ho e-na le lintho tse nkemisang hlooho. Ke ne ke ipotsa ke re: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa batho ha e le mona ba utloa bohloko bophelo bohle ’me qetellong ba hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng?’ Kaha batho ba ne ba re lintho tsohle ke thato ea Molimo, ke ne ke ee ke ipotse ke re: ‘E le hore Molimo o thabela ho bona ha batho ba utloa bohloko?’

Ha ke le lilemo li 12, ke ile ka qala ho rapela thapelo e bitsoang namaz, e leng thapelo ea Mamosleme e etsoang hahlano ka letsatsi. Ka eona nako eo, Ntate o ile a re isa sekolong sa Bajuda. Tse ling tsa lithuto tseo re neng re li etsa sekolong e ne e le meetlo ea Torah le puo ea Seheberu. Pele re rutoa re ne re lokela ho rapela ho ea ka meetlo ea Sejuda. Kahoo, hoseng ha ke le lapeng ke ne ke etsa thapelo ea namaz, ’me ha ke le sekolong motšehare ke etsa thapelo ea Sejuda.

Ke ne ke lula ke labalabela ho fumana likarabo tse utloahalang lipotsong tsa ka. Ke ne ke lula ke botsa baruti lipotso tsena: “Ke hobane’ng ha Molimo a bōpile batho? Na Molimo o amohela ntate oa ka oa Momosleme? Ke motho ea lokileng, empa ke hobane’ng ha ho thoe ha aa hloeka? Ke hobane’ng ha Molimo a ile a mo bōpa?” Likarabo tseo ke neng ke li fumana li ne li sa utloahale ebile ke sa li kholoe.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ke ile ka lahleheloa ke tšepo ho Molimo ka 2002. Beke ka mor’a hore re fallele Jeremane, ntate oa ka o ile a otloa ke setorouku ’me a nka nako a ilibane. Ke ile ka qeta lilemo tse ngata ke rapella hore ba lelapa leso ba be le bophelo bo botle. Kaha  ke ne ke lumela hore Molimo ke eena feela ea nang le matla holim’a lefu kapa bophelo, ke ne ke lula ke rapella ntate oa ka. Ke ne ke ee ke re, ‘Ha Molimo a rata, a ka nkaraba.’ Ke ne ke kholisehile hore o tla nkaraba. Empa ka masoabi Ntate o ile a hlokahala.

Ke ile ka ferekana, ke nahana hore Molimo o iphapanyelitse ’na. Ke ile ka etsa qeto ena: ‘Mohlomong ke rapela ka tsela e fosahetseng kapa mohlomong Molimo ha a eo.’ Ke ne ke selebaletsoe ’me ke se ke sa khone ho etsa thapelo ea namaz. Ke ne ke sa utloisise lithuto tsa malumeli a mang, kahoo ka etsa qeto ea hore Molimo ha a eo.

Likhoeli tse tšeletseng hamorao, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa re etela. Kaha ’na le ausi oa ka re ne re sa hlomphe lithuto tsa Bokreste, re ne re batla ho bontša Lipaki tseo ka bohlale hore lithuto tsa tsona li fosahetse. Re ile ra ba botsa ra re: “Ke hobane’ng ha Bakreste ba rapela Jesu, sefapano, Maria le litšoantšo tse ling empa seo se le khahlanong le Melao e Leshome?” Lipaki tseo li ile tsa re bontša li sebelisa Bibele hore Bakreste ba ’nete ha ba rapele litšoantšo le hore ke Molimo feela ea lokelang ho rapeloa. Seo se ile sa ’makatsa.

Re ile ra boela ra ba botsa ra re: “Le re’ng ka Boraro-bo-bong? Haeba Jesu ke Molimo, ho ile ha tla joang hore a lule lefatšeng ’me a bolaoe ke batho?” Ba ile ba boela ba araba ba sebelisa Bibele ’me ba re hlalosetsa hore Jesu hase Molimo ebile ha a lekane le Eena. Ba ile ba hlalosa hore ka lebaka leo, Lipaki ha li lumellane le thuto ea Boraro-bo-bong. Ke ile ka makala ’me ka re ka pelong, ‘Bakreste bana ke ba mohlolo.’

Ho ntse ho le joalo, ke ne ke batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba shoa le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola. Lipaki tseo li ile tsa mpontša buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, * e nang le likhaolo tse arabang lipotso tsa ka. Li ile tsa qalisa ho ithuta Bibele le ’na.

Kamehla nakong ea thuto ke ne ke fumana likarabo tse utloahalang tse thehiloeng Bibeleng. Ke ile ka ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Le hore tšobotsi ea hae e ka sehloohong ke lerato le se nang boithati. (1 Johanne 4:8) O bōpile batho hobane a batla ho ba fa bophelo. Ke ile ka ithuta hore le hoja Molimo a lumeletse mahlomola, o a hloile ebile o tla a felisa ka ho feletseng haufinyane. Ka boela ka ithuta hore ho se mamele ha Adama le Eva ke hona ho baketseng batho mathata. (Baroma 5:12) Mathata ao a akarelletsa lefu, esita le la ntate oa ka. Leha ho le joalo, Molimo o tla felisa litlokotsi lefatšeng le lecha le tlang, ’me bafu ba tla tsoha.—Liketso 24:15.

’Nete ea Bibele e ile ea nkotla botsekeng. Ke ile ka boela ka lumela hore Molimo o teng. Ha ke ntse ke tseba Lipaki Tsa Jehova haholoanyane, ke ile ka hlokomela hore ke mokhatlo oa lefatše lohle. Bonngoe le lerato le har’a bona li ile tsa nkama maikutlo. (Johanne 13:34, 35) Seo ke ithutileng sona ka Jehova se ile sa ntšusumelletsa hore ke batle ho mo sebeletsa, kahoo ka etsa qeto ea ho ba Paki ea Jehova. Ke kolobelitsoe ka la 8 January, 2005.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Tsela e hlakileng eo Bibele e tšetlehang litaba ka eona, e ile ea fetola pono ea ka ka bophelo. Likarabo tse nepahetseng tseo ke li fumaneng ka Lentsoeng la Molimo li ile tsa etsa hore ke ikutloe ke e-na le khotso. Kea thaba ebile kea tšeliseha ha ke nahana hore ke tla boela ke bone ntate oa ka nakong ea tsoho joalokaha Bibele e tšepisa.—Johanne 5:28, 29.

Ke na le lilemo tse tšeletseng ke nyalane le monna oa ka ea tšabang Molimo e leng Jonathan. Re ithutile hore ’nete ea Molimo e bonolo hape e-ea utloahala, ebile ke letlotlo la bohlokoa. Ke ka lebaka leo re ratang ho buisana le ba bang ka eona. Joale kea tseba hore Lipaki Tsa Jehova hase “Bakreste ba mohlolo” empa ke Bakreste ba ’nete.

^ ser. 15 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.