Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA U KA RATA HO ITHUTA BIBELE

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?
  • Re phelela’ng?

  • Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko ’me ba shoa?

  • Bokamoso bo re tšoaretse’ng?

  • Na Molimo oa ntsotella?

Na u kile ua ipotsa lipotso tse kang tsee? Haeba ho joalo, tseba hore hase uena feela. Batho lefatšeng ka bophara ba ipotsa lipotso tsa bohlokoa ka bophelo. Na u ka fumana likarabo tsa tsona?

Batho ba bangata ba lumela hore ba ka li fumana. Hobane’ng? Hobane ba fumane likarabo tse khotsofatsang ka Bibeleng. Na u ka rata ho ithuta Bibele? Mohlomong u ka thabela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova u sa lefe letho. *

Ke ’nete hore batho ba bang ha ba na nako ea ho ithuta Bibele. Ba nka hore ho thata ho e utloisisa. Ba tsoafa ho itlama ka thuto ea Bibele. Empa ba bang ba bona litaba ka tsela e fapaneng. Ba thabela ho ithuta Bibele. Nahana ka mehlala e latelang:

  • “Nkile ka ea kerekeng e K’hatholike, ea Prostanta le tempeleng ea Masikh, ntlong ea baitlami ba Mabuddha ebile ke ithutile lithuto tsa bolumeli univesithi. Empa lipotso tse ngata tseo ke neng ke ipotsa tsona ka Molimo ha lia ka tsa arajoa. Eaba ke eteloa ke Paki ea Jehova. Ke ile ka khahloa ke kamoo e neng e nkaraba ka Bibele kateng, ’me ka lumela hore e nkhannele thuto ea Bibele.”—Gill, Engelane.

  • “Ke ne ke ipotsa lipotso tse ngata ka bophelo, empa baruti ba kereke eo ke neng ke e kena ba ne ba sa nkarabe ka tsela e khotsofatsang. Leha ho le joalo, Paki e ’ngoe e ile ea nkaraba ka Bibele feela. Ha e mpotsa hore na nka rata ho ithuta ka ho eketsehileng, ke ile ka lumela ka thabo.”—Koffi, Benin.

  • “Ke ne ke lula ke ipotsa hore na ho etsahala’ng ka motho ha a shoa. Ke ne ke lumela hore bafu ba ka ntša batho ba phelang kotsi, empa ke batla ho tseba hore na Bibele eona e re’ng ka taba eo. Ka hona, ka qala ho ithuta Bibele le motsoalle oa ka oa Paki.”—José, Brazil.

  • “Ke ne ke leka ho bala Bibele empa ke sa e utloisise. Eaba Lipaki Tsa Jehova lia nketela ’me tsa ntlhalosetsa boprofeta bo bong ba Bibele. Ke ne ke ipotsa hore na ho na le ho hong hoo nka ithutang hona.”—Dennize, Mexico.

  • “Ke ne ke ipotsa hore na ha e le hantle Molimo oa ntsotella. Kahoo, ka rapela Molimo. Letsatsing le latelang Lipaki li ile tsa nketela, ’me ka lumela hore li nkhannele thuto ea Bibele.”—Anju, Nepal.

Litlaleho tsena li re hopotsa mantsoe a Jesu a reng: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ka tlhaho batho ba na le tabatabelo ea ho tseba Molimo. Ba ka mo tseba ka ho ithuta ka eena Lentsoeng la hae, e leng Bibele.

Ho ithuta Bibele ho akarelletsa eng? Ho ka u tsoela molemo joang? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.

^ ser. 8 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.