Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BAPALAMI BA BANE BA LIPERE KE BO-MANG?

Bapalami ba Bane ba Lipere le Uena

Bapalami ba Bane ba Lipere le Uena

Utloa molumo oa sealuma se matla o etsoang ke lipere tse mathang! U ka bona eka se na ke seo u se bonang ka mahlo le ho se utloa ha u bala ka bapalami ba bane ba lipere bao ho buoang ka bona ka Bibeleng! Mopalami oa pele eleng oa pere e tšoeu, ke ea sa tsoa behoa ho ba morena. Ka mor’a hae ho latela pere e khunong, eo mopalami oa eona a tlosang khotso lefatšeng lohle. Pere e latelang ke e ntšo, eo mopalami oa eona a phahamiselitseng likala tse peli holimo ’me o tšoantšetsa tlala. Pere ea ho qetela eleng ea bone e botala bo bosehla, e tšoantšetsa lefu le bang teng ka lebaka la lefu la seoa le ka mabaka a mang. Sena se etsa hore batho ba shoe ka bongata.—Tšenolo 6:1-8.

“Ha ke qala ho bala ka bapalami bana, ke ne ke tšohile, ke bona hore bofelo ba lefatše bo haufi ’me ke ipotsa hore na ke tla pholoha.”—Crystal.

“Ke ile ka hlolloa ha ke bala ka bapalami bana ba bane ba lipere. Ho ithuta ka bona ho ile ha etsa hore ke utloisise haholoanyane seo ba se tšoantšetsang.”—Ed.

Na u ne u ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Crystal kapa Ed, ha u ne u qala ho ithuta ka boprofeta bo buoang ka bapalami baa ba lipere? Ho sa tsotellehe hore na u ikutloa joang, ena ke tlaleho eo batho ba bangata ba e tsebang bukeng ea Tšenolo. U ka fumana molemo ka ho utloisisa seo bapalami bana ba bane ba lipere ba se tšoantšetsang. Ka tsela efe? Molimo o tšepisa hore u tla fumana thabo ea sebele ha u bala, u ithuta ebile u etsa seo buka ena ea boprofeta e reng u se etse.—Tšenolo 1:1-3.

Le hoja ba bang ba tšosoa ke seo bapalami bana ba se tšoantšetsang, ha oa lokela ho tšoha. Ebile boprofeta bona bo matlafalitse tumelo ea batho ba limilione le ho ba fa tšepo ka bokamoso. Le uena u ka fumana molemo o tšoanang ka hore u ithute hore na bapalami bana ba tšoantšetsa’ng.