Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 106

A re Beng le Lerato

A re Beng le Lerato

(1 Bakorinthe 13:​1-8)

  1. 1. Re rapela Molimo hore

    Re be le makhabane a hae.

    Empa lerato le bohlokoa

    Ho feta makhabane ’ohle.

    Leha re ka ba le bohlale,

    Ha re letho ntle ho lerato.

    Re rapella hore re be le

    Lerato la ’nete ho bohle.

  2. 2. A re batleng litsela tsohle

    Tsa ho tsoela pele re fana.

    Ha re le batho ba lerato,

    Re tla tšoarela batho bohle,

    Re be re mamelle ntho tsohle

    ’Me re jare mathata ’ohle.

    Re ’ne re hopole kamehla:

    Lerato le ke ke la fela.