Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 137

Mohlala oa Basali ba Tšepahalang

Mohlala oa Basali ba Tšepahalang

(Baroma 16:2)

  1. 1. Sara, Maria, Ruthe le Esthere

    Ba ne ba rata Jehova Molimo,

    Ba mo sebeletsa ka pelo tsohle.

    Hape ba ile ba mo tšepahalla.

    Ho na le ba bang ba tšepahetseng

    Le hoja re sa ba tsebe ka mabitso.

  2. 2. Botšepehi, sebete le lerato

    Ke makhabane a matle haholo.

    Re ba hopola ka makhabane ao.

    Ke mehlala e metle ea tumelo.

    Kajeno baralib’abo rona

    Le bona ba beha mohlala o motle.

  3. 3. Baralib’abo rona ba ratehang,

    Le sebeletsa ’Mopi le thabile.

    Le ikokobelitse, lea mamela.

    Tsebang hore Jehova oa le rata.

    O tla le thusa hore le lule

    Le na le tumelo. Le se le tla putsoa.