Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 48

Re Sebeletsa Jehova Kamehla

Re Sebeletsa Jehova Kamehla

(Mikea 6:8)

  1. 1. Re sebeletsa Jehova,

    Re ikokobeletsa eena.

    Molimo o re hauhetse

    ’Me o bile mosa ho rona.

    Oa re hlohonolofatsa

    ’Me oa re tataisa.

    Kahoo rea mo sebeletsa,

    Rea mo mamela kamehla.

  2. 2. Mehleng ena ea bofelo,

    Diabolose o halefile.

    O lula a re hlasela

    Hore re furalle Jehova.

    Empa Jah o tla re thusa.

    O tla re sireletsa

    Haeba re mo tšepahalla

    ’Me re mo rata kamehla.

  3. 3. Jah Molimo oa re thusa

    Ka moea oa hae le ka Lentsoe,

    Ka phutheho ea Bokreste,

    O utloa thapelo tsa rona.

    Jehova o tla re thusa

    Hore re tšepahale,

    Re be re ikokobetse,

    Re etse ntho tse lokileng.