Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 61

Lulang le le Sebete

Lulang le le Sebete

(Luka 16:16)

  1. 1. Bahlanka ba ’Mopi ba phathahane.

    Bofelo bo haufi, ba bua ka ’Muso.

    Leha Satane a hanyetsa,

    Jehova o lula a re tšehetsa.

    (K’HORASE)

    Lipaki, tsoelang pele le be sebete.

    Thabang le sebeletse ’Mopi ka matla

    Rutang batho bohle ka fatše le lecha

    Le ka tlho’nolofatso tsa lona.

  2. 2. Bahlanka bohle ba Jah ha ba tele.

    Ha ba khahlise babusi ba lefatše.

    Ba lula ba ntse ba hloekile

    ’Me ba lula ba ntse ba tšepahala.

    (K’HORASE)

    Lipaki, tsoelang pele le be sebete.

    Thabang le sebeletse ’Mopi ka matla

    Rutang batho bohle ka fatše le lecha

    Le ka tlho’nolofatso tsa lona.

  3. 3. Batho ba hana ’Muso oa Molimo.

    Lebitso la Molimo baa le nyefola.

    A re ’neng re le halaletse

    ’Me re le roriseng lichabeng tsohle.

    (K’HORASE)

    Lipaki, tsoelang pele le be sebete.

    Thabang le sebeletse ’Mopi ka matla

    Rutang batho bohle ka fatše le lecha

    Le ka tlho’nolofatso tsa lona.