Fetela boitsebisong

Lipaki Tsa Jehova li Ikutloa Joang ka Tlhalo?

Lipaki Tsa Jehova li Ikutloa Joang ka Tlhalo?

Re mamela melao eo Molimo a faneng ka eona ka Bibeleng mabapi le lenyalo le tlhalo. Molimo o entse hore lenyalo ebe tlamahano ea bophelo bohle pakeng tsa monna le mosali. Ho ea ka Bibele, banyalani ba ka hlalana feela haeba molekane e mong a entse bofebe.​—Matheu 19:5, 6, 9.

Na Lipaki Tsa Jehova li thusa banyalani ha ba e-na le mathata lenyalong?

E!, Ka mekhoa e fapa-fapaneng e latelang:

Na Baholo ba ka khothalletsa banyalani ho hlalana?

Che! Baholo ha ba na tokelo ea ho bolella banyalani hore na ba nke qeto efe le hoja ba thusa banyalani ka mathata a bona a lenyalo. (Bagalata 6:5) Leha ho le joalo, ha motho a ka hlala molekane oa hae ntle ho mabaka a sa lumelloeng ke Mangolo, ha lokela ho nyala hape ’me o lahleheloa le ke litokelo ka phuthehong.​—1 Timothea 3:1, 5, 12.

Na Lipaki li lumela hore banyalani ba ka arohana?

Ho ea ka Bibele, ha se mathata ’ohle a ka etsang hore banyalani ba hlalane. (1 Bakorinthe 7:10-16) Ba ka hlola mathata a mangata ka ho rapela, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ho lula ba ratana.​—1 Bakorinthe 13:4-8; Bagalata 5:22.

Leha ho le joalo, Bakreste ba ka arohana le balekane ba bona ka lebaka la maemo a latelang:

  • Ho se hlokomele lelapa ka boomo.​—1 Timothea 5:8.

  • Tlhekefetso e feteletseng.​—Pesaleme ea 11:5.

  • Ho sitisa motho ka ho feletseng ho rapela Jehova. Mohlala, ha Paki e ka sitisoa ke molekane oa eona ho mamela melao ea Jehova, e ka etsa qeto ea hore ba arohane e le hore a “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”​—Liketso 5:29.