Fetela boitsebisong

Hobane’ng ha le sa re le ea Kerekeng?

Hobane’ng ha le sa re le ea Kerekeng?

Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike leo ka linako tse ling le fetoleloang e le “kereke” le bolela sehlopha sa barapeli, eseng mohaho oo ba kopanelang ho oona.

Hlokomela mohlala ona: Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba Roma, o ile a re ho lumelisoe banyalani ba bitsoang Akuila le Prisilla, a ntan’o re: “Ntumelisetse le kereke e ka tlung ea bona.” (Baroma 16:5, Bibele ea Sesotho) Pauluse o ne a sa re litumeliso tsa hae li lebisoe mohahong. Ho e-na le hoo, o ne a romela litumeliso tsa hae ho batho​—e leng phutheho e neng e kopana lelapeng leo. a

Kahoo, ho e-na le ho bitsa libaka tsa rōna tsa borapeli kereke, re re ke “Holo ea ’Muso.”

Hobane’ng ha le re ke “Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova”?

Hona le mabaka a ’maloa a etsang hore e be ho loketseng ho cho joalo:

  • Mohaho ke holo, kapa sebaka sa ho bokana.

  • Re bokana hammoho e le hore re rapele le ho paka ka Jehova, Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng.​—Pesaleme ea 83:18; Esaia 43:12.

  • Hape re bokana hammoho e le hore re ithute ka ’Muso oa Molimo, oo Jesu a neng a atisa ho bua ka oona.—Matheu 6:9, 10; 24:14; Luka 4:43.

Ikutloe u lokolohile ho etela Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng ’me u bone kamoo Lipaki Tsa Jehova li tsamaisang liboka tsa tsona kateng.

a Lipolelo tse tšoanang li hlaha ho 1 Bakorinthe 16:19; Bakolose 4:15; le Filemone 2.