Fetela boitsebisong

Moo ho Hlatsoetsoang Teng Bethele: Ho Hlatsuoa Lifatuku, Litae le Lintho Tse Ling

Moo ho Hlatsoetsoang Teng Bethele: Ho Hlatsuoa Lifatuku, Litae le Lintho Tse Ling

Banna le basali ba ntseng ba le bacha lilemong ba sebetsang lekaleng la United States la Lipaki Tsa Jehova, ba sebelisa nako le matla a bona ho hlatsoa liaparo tsa boima ba lithane tse ka bang 1 800 ka selemo, Brooklyn, Patterson le Wallkill, New York. Libakeng tseo ho hlatsuoa lintho tse ngata haholo. Empa se etsang hore mosebetsi ona e be o ikhethang ke liaparo tse sa tšoaneng tseo basebetsi ba li hlatsoang.

Letsatsi ka leng, batho ba lulang Bethele e United States ba romela liaparo tse fetang 11 000 moo ho hlatsoetsoang teng—lihempe tse 2 300 le marikhoe a 650 hammoho le likausi, liaparo tsa ka hare le likipa. Hape ba romela liaparo tse ling tse 900 dry-clean.

Ba boetse ba romela lishiti, lithaole le likobo tse ngata, esita le unifomo ea ba fanang ka lijo litafoleng le masela a hloekisang. Lintho tseo kaofela li lokela ho hlatsuoa, ho omisoa le ho isoa ho beng ba tsona. Masela a hloekisang a hlatsuoa hammoho, ha litae tsa silika le mabolause a hlatsuoa a le mang.

Basebetsi bao ba hlahloba hore na ha ho na liaparo tse tabohileng kapa tse tsoileng likonopo. Haeba ho e-na le tse hlokang ho kenngoa likonopo, ba li kenya ka mochine oa othomathike, kapa ka letsoho. Ha ho e-na le tse lokelang ho rokoa, ba li isa ho motho ea tsebang ho roka.

E le hore ho tsejoe hore na phahlo e itseng ke ea mang ho tse likete tse hlatsuoang, mochine o beha setempe se nang le nomoro e ikhethang phahlong ka ’ngoe. Nomoro eo e etsa hore ho be bonolo ho hlopha liaparo tse hlatsoitsoeng le tse aennoeng, e le hore li ka khutlisetsoa likamoreng tsa litho tsa lelapa la Bethele e United States.

Basebetsi ba nang le boiphihlelo ba koetlisa batho ba fihlang. Motho ea koetlisoang a ka ithuta ho etsa mesebetsi e ka bang 20 e fapaneng. Mosebetsi o mong oo ho bonahalang eka ho bonolo ho o etsa, empa ho nka nako hore motho a o tsebe, ke oa ho tlosa matheba. Motho ea fihlang o lokela ho ithuta masela le hore na a ba joang ha ho sebelisoa lik’hemik’hale ho ’ona.

Tajh, ea qetileng selemo le halofo a sebetsa moo, o re ka batho bao a sebetsang le bona, “Rea utloana—ho monate ho sebetsa le batho ba tsoang litsong tse sa tšoaneng.” Shelly, e leng e mong oa basebetsi o re, “Ke tlotla ho ’na ho thusa lelapa la Bethele hore le lule le le letle.”