Fetela boitsebisong

Mosebetsi oa Khatiso Lefatšeng Lohle—O Thusa Batho ho Ithuta ka Molimo

Mosebetsi oa Khatiso Lefatšeng Lohle—O Thusa Batho ho Ithuta ka Molimo

Lefatšeng ka bophara, batho ba bala lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ba limilione ba bala lingoliloeng tsena Inthaneteng, joaloka uena hona joale. Leha ho joalo, ho ka ’na ha u makatsa ho tseba hore na mosebetsi oa rōna oa khatiso o pharaletse hakae. Ho tloha ka 2013, re se re hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ka bang 700 ’me re li isa linaheng tse 239.

Pele ho selemo sa 1920 re ne re hatisa lingoliloeng tsa rōna lifemeng tse hatisang tsa khoebo. Ka selemo seo, re ile ra qala ho hatisa tse ling tsa limakasine tsa rōna le lingoliloeng mohahong o mong o monyenyane o neng o hiriloe Brooklyn, New York. Ho tloha moo, re ile ra hōla, hona joale re na le libaka tse 15 tse hatisang tse Afrika, Amerika Boroa, Amerika Leboea, Asia, Australia le Europe.

Buka ea Rōna ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

Buka ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e hatisang ke Bibele. Ka 1942, ho ile ha hatisoa Bibele ea pele e feletseng ka Senyesemane, e le phetolelo ea King James Version. Ho tloha ka 1961, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa fetolela le ho hatisa Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Ka 2013, re ne re se re hatisitse Libibele tse ka holimo ho limilione tse 184 ka lipuo tse 121.

Lipalo feela ha li hlalose ka ho feletseng se etsahalang. Bibele eo re e hatisang e thata haholo. Maqephe a eona a hatisoa ka pampiri e se nang asiti e ka etsang hore a be masehla ’me maqephe a eona a rokelletsoe ka thata. E leng se qetellang ka Bibele e tšoarellang nako e telele.

Lingoliloeng Tse Ling

Re boetse re hatisa lingoliloeng tse ling tse thusang batho ho utloisisa Bibele. Hlahloba lipalo-palo tse ling tsa ho tloha ka 2013:

  • Molula-Qhooa, Koranta ea rōna e ka sehloohong e hatisoa ka lipuo tse fetang 210 ’me ke eona makasine e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng. Makasine e ’ngoe le e ’ngoe e maqephe a 16 e se e e-na le likopi tse ka bang 45 000 000.

  • Tsoha! e leng makasine oabo Molula-Qhooale makasine ea bobeli e abuoeng ka ho fetisisa—e hatisoa ka lipuo tse 99. Ho se ho hatisitsoe likopi tse ka bang 44 000 000.

  • Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ke buka e lekoko le bonolo e maqephe a 224 eo ka ho khetheha e ngoletsoeng ho thusa babali ba eona ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele. Ho tloha ka 2005, ho se ho hatisitsoe libuka tse ka holimo limilione tse 214 ka lipuo tse fetang 240.

  • Mamela Molimo ke bukana ea maqephe a 32 e ngoletsoeng ho thusa batho ba sa tsebeng ho bala hantle. E hlalosa linnete tsa Bibele ka tsela e bonolo ka litšoantšo tse ntle le litlhaloso tse khutšoanyane. Ho se ho hatisitsoe libukana tse fetang limilione tse 42 ka lipuo tse ka holimo ho 400.

Ho phaella ho lingoliloeng tsena, Lipaki Tsa Jehova li hatisa libuka, libukana tse fapa-fapaneng le lipampitšana tse thusang liithuti tsa Bibele ho batlisisa lipotso tsa Bibele, ho mamella mathata a bophelo le ho ba le malapa a thabileng. Ka 2012 libaka tsa khatiso tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hatisa limakasine tse fetang libilione tse 1.3 le libuka le Libibele tse fetang limilione tse 80.

Ka 2012 libaka tsa khatiso tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hatisa limakasine tse fetang libilione tse 1.3 le libuka le Libibele tse fetang limilione tse 80

Baeti ba il’o bona libaka tsena hangata baa hlolloa ha ba bona batho ba khothetseng mosebetsing oa ho hatisa lingoliloeng tsena. Banna le basali bana ba fana ka nako ea bona le matla a bona. Ha ba tla Bethele, e leng lebitso le bolelang “Ntlo ea Molimo,” boholo ba bona ba tla ba sa tsebe letho ka mosebetsi oa khatiso. Leha ho le joalo, ho ba koetlisa ho ba le liphello tse molemo. Ka mohlala, ho tloaelehile ho bona bahlankana ba lilemo li ka bang 20 ba sebetsa mochineng o hatisang ka sekhahla haholo, o khonang ho hatisa limakasine tse maqephe a 16 tse ka bang 200 000 ka hora.

Chelete ea ho Hatisa e Tsoa Hokae?

Lefatšeng ka bophara mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Makasine ea August 1879 ea Zion’s Watch Tower e ile ea re: “ ‘Zion’s Watch Tower’ e tšehetsoa ke JEHOVA, ’me ha boemo bo le tjena le ka mohla e ke ke ea qela kapa hona ho qekisa batho hore ba e tšehetse.” Re ntse re lumela joalo le kajeno.

Ke hobane’ng ha re nka nako, chelete le matla a mangata hakaale mosebetsing oo? Hobane ho sa tsotellehe hore na u bala sengoliloeng se le seng feela har’a Libibele le libuka tse limilione tseo re li hatisang kapa u li bala Inthaneteng, re tšepa hore li tla u thusa hore u atamele haufi le Molimo.