Fetela boitsebisong

Holo e Ncha ea Kopano Morung oa Amazon

Holo e Ncha ea Kopano Morung oa Amazon

Holo e ncha ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova e hahuoe bohareng ba moru oa Amazon. E hahuoe ka Leboea motseng oa Manaus, Brazil ’me boholo ba jarete ea eona e lihekthere li 52 ke moru. Ho na le linonyana tse mebala-bala tse kang macaw le toucan tse lulang lifateng tsa cupuaçu tse khōlō tsa Brazil le tsa angelim pedra. Ke hobane’ng ha ho hahuoe Holo sebakeng see?

Motse oa Manaus o bohōle ba lik’hilomithara tse 1 450 ho tloha molomong oa Nōka ea Amazon, o na le baahi ba ka bang limilione tse peli. Holo ena e ncha e tla sebelisoa ke Lipaki tse 7 000 tsa Manaus le metse e pel’a eona ho akarelletsa metse e haufi le Nōka ea Amazon le linōkana tse haufi le eona. Motse o hōle ka ho fetisisa ke oa São Gabriel da Cachoeira o lik’hilomithara tse 800 ka bophirima ho Manaus. Lipaki tse ling li nka leeto la matsatsi a mararo li tsamaea ka sekepe ho ea likopanong tse tšoareloang Holong eo ea Kopano!

Ho ne ho se bonolo ho haha Holo ea Kopano bohareng ba Amazon. Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho tlosa lik’hontheinara tse 13 tse nang le thepa ea ho haha boema-kepe ba Santos, São Paulo, ba ikhohlile ka lebōpo la Brazil ’me ba e tsamaisa ka sekepe ho leba Nōkeng ea Amazon ba e isa moo ho ntseng ho hahuoa teng.

Holo ena e ncha ke ea bo27 e hahuoeng Brazil ’me batho ba 1 956 ba ile ba e-ba teng ha e neheloa ka Sontaha sa la 4 May, 2014. Batho ba bangata ba ne ba hloletsoe kaha lena e ne e le lekhetlo la pele ba e-ba teng sebokeng se tšoaretsoeng Holong ea Kopano.

Bamameli ba ne ba utloa sebui hantle ba bile ba se bona. Sena se ne se fapane hōle le se ’nileng sa etsahala kaha likopano li ne li tšoareloa libakeng tsa sechaba moo bamameli ba neng ba sa bone sethala esita le sebui. Paki e ’ngoe e ile ea re: “Ke ’nile ka ba teng likopanong ka lilemo tse ngata, empa ha ho mohla nkileng ka bona tšoantšiso ea Bibele; ke ne ke e utloa feela.” Hona joale motho e mong le e mong o bona sethala.