Fetela boitsebisong

Kabo ea Mangolo ea Bo134 ea Gileade—“Le Etsise Tumelo ea Bona”

Kabo ea Mangolo ea Bo134 ea Gileade—“Le Etsise Tumelo ea Bona”

Sehlopha sa bo134 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se ile sa fumana mangolo ka Moqebelo oa la 9 March, 2013, setsing sa thuto sa Lipaki Tsa Jehova Patterson, New York. Sekolo sena se rupela baboleli ba nang le boiphihlelo ba Lipaki Tsa Jehova e le hore ba behe litholoana haholoanyane tšebeletsong ea bona. Batho bohle ba neng ba tlile lenaneong leo ba ne ba le 9 912 ba akarelletsa metsoalle le litho tsa lelapa tsa liithuti.

Mark Sanderson, e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e ne e le molula-setulo lenaneong leo. O ile a hopotsa bamameli ka ho khakoloa ha Sekolo sa Gileade, ho ileng ha etsahala lilemong tse 70 tse fetileng ka la 1 February, 1943. Moketeng oo, mopresidente oa sekolo seo, Nathan Knorr, o ile a bontša morero oa sona ha a re: “Ho ne ho ka finyelloa batho ba bangata haholo [ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo] haeba ho ne ho e-na le basebetsi ba eketsehileng tšimong. Ba tla ba teng ka mohau oa Morena.” Na Mor’abo rōna Knorr o ne a nepile?

Nahana ka mohlala ona. Nakoana ka mor’a hore sekolo seo se thehoe, Mor’abo rōna Knorr o ile a etela Mexico a il’o sheba libaka tseo baromuoa ba seng ba koetlisitsoe sekolong sa Gileade, ba neng ba ka abeloa ho il’o sebeletsa ho tsona. Ha a ntse a le moo, liphutheho tsohle tse neng li le bohōle ba lik’hilomithara tse 240 (150 mi) ho tloha Mexico City li ile tsa memeloa sebokeng, ’me ha ea batho ba 400. Hona joale, ho se ho fetile lilemo tse ka bang 70 ho fihlile baromuoa ba pele Mexico, ’me haeba ho ne ho ka mengoa batho hore ba tle sebokeng sebakeng seo kajeno, ho ne ka lebelloa hore ho tle batho ba fetang 200 000!

“Ke Eng Seo se Letsohong la Hao?” Anthony Griffin, e leng setho sa Komiti ea Lekala, United States, o ile a beha puo e nang le sehlooho se thehiloeng lengolong la Exoda 4:2. Tlalehong eo, Molimo o ile a re ho Moshe: “Ke eng seo se letsohong la hao?” Ha Moshe a mo araba o ile a re: “Ke molamu.” Jehova o ile a sebelisa molamu oo e le pontšo ea hore ke eena ea rommeng Moshe le hore o na le matla. (Exoda 4:5) Moshe o ne a atleha ha a sebelisa matla a hae ho isa thoriso ho Molimo, empa o ile a khopisa Molimo ha a ne a a sebelisetsa ho ithorisa le ho nyatsa barab’abo, joalokaha a ile a etsa ha ba le “Meriba.”Numere 20:9-13.

Mor’abo rōna Griffin o ile a bapisa molamu oa Moshe le thupelo eo liithuti tsa Gileade li e fumaneng, a li khothalletsa hore li se ke tsa e sebelisetsa ho laola batho ba bang. Ho e-na le hoo, o ile a li eletsa a re: “Sebelisang seo le ithutileng sona ho isa thoriso le tlhompho ho Jehova, ’me le tla tsoela batho bao le il’o ba sebeletsa molemo.”

“Hopolang Manna.” Stephen Lett, e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a totobatsa lintlha tse ’nè tseo re ka ithutang tsona thutong ea manna ao Molimo a ileng a a fa Baiseraele ka mohlolo ha ba le lefeelleng.

  • Tsoelang pele ho sebetsa ka thata. (Numere 11:8) E le hore Baiseraele ba fumane limatlafatsi tse lekaneng bohobeng ba manna, ba ne ba lokela ho bo bokella kapele le ho bo lokisa hantle e le hore ba ka bo ja.Exoda 16:21.

  • Le se ke la korotlela litokisetso tsa Jehova. (Numere 11:5, 6) Baiseraele ba ile ba korotla ka manna, empa Molimo o ne a nka hore ba korotlela eena. Joaloka manna, hase kamehla re ka thabelang lijo tsa moea tseo re li fumanang, empa lia re matlafatsa ka linako tsohle. Re lokela ho ananela litokisetso tsa Jehova ho feta leha e le neng pele.

  • Tšepa Jehova ka ho feletseng hore o tla u hlokomela. Molimo o ne a fana ka manna ka botšepehi letsatsi le letsatsi, ho akarelletsa karolo e mennoeng habeli letsatsi pele ho Sabatha. (Exoda 16:22-26) Ka ho tšoanang, le rōna re tšepa Molimo hore o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang.Matheu 6:11.

  • Kamehla ho se mamele ho ba le liphello tse bohloko. (Exoda 16:19, 20, 25-28) Baiseraele ba neng ba bokella manna ka Sabatha ba ne ba halefisa Jehova, ’me ba neng ba a beha ka letsatsi la botšelela hore ba a je ka letsatsi le hlahlamang, ba ne ba fumana a tsoile tšenyane ebile a nkha hampe.

Ka mor’a moo, Mor’abo rōna Lett o ile a khothalletsa liithuti hore li hopole seo re ithutang sona ho manna, etsoe ha li etsa joalo Jehova o tla li ‘bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me a li tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.’Malakia 3:10.

“Itokisetseng ho Phela Lefatšeng le Lecha.” William Samuelson, e leng molebeli oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo, o ile a re le hoja re lakatsa ho phela lefatšeng le lecha, empa na ehlile re itokiselitse ho ea phela ho lona? Sena se hloka hore re “hlaphoheloe likelellong.”1 Petrose 4:7.

Re bontša hore re hlaphohetsoe kelellong ka tsela eo re sebetsanang le ho se phethahale ha rōna ka eona. Ha rea lokela ho beha Satane molato kapa lefatše lena le laoloang ke eena ha re etsa liphoso, mohlomong re nahana hore re tla li lokisa ha re se re phela lefatšeng le lecha leo Molimo a tla beng a tlositse tšusumetso e mpe ho lona. Hona joale, re ka loantša botho bo bobe, bo kang boithati, ka hore re “apare botho bo bocha.”Baefese 4:24.

“Behang Lipene Fatše.” Mark Noumair, e leng morupeli Gileade, o ile a sebelisa papiso ea pene ha a bua ka taba ea “ho batla ho itaola.” Re ‘beha lipene fatše’ ka ho lumella Jehova hore e be eena ea re tataisang.

Morena Saule ke mohlala o re lemosang ntlheng ena. Ha a qala ho busa, o ne a le bonolo a bile a ikokobelitse. (1 Samuele 10:22, 27; 11:13) Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana o ile a “batla ho itaola,” a etsa seo a nahanang hore se nepahetse ’me a iphahamisa. Molimo o ile a mo lahla ka lebaka la ho se mamele.1 Samuele 14:24; 15:10, 11.

Le hoja liithuti li ’nile tsa lula li tšepahala, Mor’abo rōna Noumair o ile a li hopotsa hore li lokela ho tsoela pele li etsa mosebetsi oa Molimo ka tsela e batloang ke Molimo. O ile a li lemosa a re: “Le se ke la nahana hore hobane le sebelisoa ke Molimo seo se bolela hore o oa le amohela.” Ka mohlala, Moshe ha aa ka a latela litaelo tsa Molimo ha a ne a ntša metsi ka mohlolo lefikeng. O ile a khona ho a ntša, empa Jehova a se ke a mo hlohonolofatsa.Numere 20:7-12.

“Ho Etsisa Lentsoe la Lengeloi le Fofang Sebakeng.” Morupeli e mong oa Gileade ea bitsoang Sam Roberson, o ile a theha lintlha tsa puo ea hae lengolong la Tšenolo 14:6, 7. O ile a boela a thusa liithuti a sebelisa lipontšo tsa seo li neng li sa tsoa se etsa mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ka mohlala, seithuti se seng se neng se sa tsoa etsoa opereishene, se ile sa pakela mooki ha se ntse se le sepetlele. Mooki eo o ne a tsoa Peru, kahoo, se ile sa qalisa moqoqo ka ho mo bontša setšoantšo se Websaeteng ea jw.org, se bontšang ha ho etsoa mosebetsi oa boboleli Chachapoyas, Peru. Seo se ile sa etsa hore mooki eo le monna oa hae ba ithute Bibele.

“U Nthetsitse . . . Hoo ke Ileng ka Thetseha.” (Jeremia 20:7) Allen Shuster, e leng setho sa Komiti ea Lekala United States, o ile a buisana le banyalani ba babeli ba neng ba le sehlopheng seo. Liithuti tseo li ile tsa re Jehova o ne a li “thetsitse.” Ka tsela efe? Qalong li ne li nahana hore ho tl’o nyolosetsa sekolong sa Gileade. Leha ho le joalo, ha sekolo se se se qalile, li ile tsa hlolloa haholo ke thuso eo li ileng tsa e fumana. Morali’abo rōna Marianne Aronsson o ile a bontša kananelo ka thupelo eo a e fumaneng Gileade ha a re: “Ho tla lula ho e-na le ntho e thahasellisang eo ke ithutang eona hobane ke hlokometse hore temana e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele e tšoana le letlotlo.”

“Le Etsise Tumelo ea Bona.” David Splane, e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a beha puo ea sehlooho lenaneong leo, e thehiloeng lengolong la Baheberu 13:7, le reng: “Hopolang ba etellang pele har’a lōna, ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ’me ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.” Batho bao “ba etellang pele” mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova ba ile ba bontša tumelo joang lilemong tse 70 tse fetileng?

Ka la 24 September 1942, Nathan Knorr o ile a hlophisa seboka sa batsamaisi ba mekhatlo e ’meli e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, ’me a kōpa hore ho thehoe sekolo se secha sa Gileade—e le hore ho koetlisoe baromuoa, ba tla etella pele mosebetsing oa boboleli tšimong e ncha. Leha ho le joalo, maemo a ne a hlobaetsa hore ho ka thehoa sekolo seo. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e ntse e kupa, kahoo, ho ne ho se bonolo ho romela baromuoa linaheng tse ngata. Ho feta moo, moruo oa lefatše o ne o putlame lilemong tsa bo-1930, ’me mokhatlo o e-na le chelete e lekaneng hore sekolo se tsoele pele ka lilemo tse hlano feela. Ho sa tsotellehe seo, barab’abo rōna ba ile ba bontša tumelo ka hore ba amohele kōpo eo.

Liithuti tsa lihlopha tsa pele tsa Gileade le tsona li ile tsa bontša tumelo eo re lokelang ho e etsisa. Li ile tsa ithuta ho khotsofala ’me tsa qoba ho rata chelete. (Baheberu 13:5, 6) Tse ngata li ne li nahana hore li ka ’na tsa se ke tsa hlola li bona beng ka tsona hape hobane ba ne ba se na chelete e lekaneng hore ba ka lefella baromuoa hore ba ee hae. Ha e le hantle, baromuoa ba bangata ha baa ka ba bona beng ka bona ka lilemo tse 10 kapa tse 15 ka mor’a ho ea moo ba abetsoeng teng. Leha ho le joalo, ba ne ba kholisehile hore Jesu o tla tsoela pele ho ba hlokomela hammoho le beng ka bona.Baheberu 13:8.

Sehlopha sa pele sa Gileade, 1943

Ka mor’a ho pheta liphihlelo tsa ba bang ba ileng ba sebetsa linaheng tseo ho leng thata ho phela ho tsona esita le pele ba e-ea Gileade, Mor’abo rōna Splane o ile a re ho liithuti: “Le karolo ea banna le basali bao e ileng ea e-ba liithuti Sekolong sa Gileade lilemo tse 70 tse fetileng. . . . Le thabele ho sebeletsa Jehova hohle moo le isoang teng.”

Mor’abo rōna Splane o ile a qetella puo ea hae ka ho bapala video e nang le litšoantšo tsa liithuti tse 77 tse ileng tsa fumana mangolo sekolong sa Gileade, tseo hona joale li sebeletsang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States, ho akarelletsa le liithuti tse ling tse peli tse neng li le sehlopheng sa pele ka 1943. Litšoantšo tseo li ne li tsamaisana le lipina tsa mantsoe tseo esale Lipaki Tsa Jehova li li sebelisa borapeling ba tsona ka lilemo tse 70.

Ka mor’a hore liithuti li fumane mangolo, e mong oa tsona o ile a bala lengolo la liteboho le tsoang ho sehlopha. Mor’abo rōna Sanderson o ile a phethela lenaneo leo ka ho hatisa hore le hoja ho se ho fetile lilemo tse 70, mantsoe ao Mor’abo rōna Knorr a ileng a a bolella sehlopha sa pele sa Gileade a ntse a le bohlokoa, o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na le romeloa kae, le hopole hore le . . . baboleli ba ’Muso; ’me ho ba ’moleli ea binang lipina tsa thoriso hona joale pele ho Armagedone, ke tlōtla e khōlō ka ho fetisisa eo sebōpuoa leha e le sefe se lefatšeng se ka e fuoang. . . . Hafeela le ntse le filoe tlōtla ea ho bolela, bolelang.”