Fetela boitsebisong

Buka ea Lipale tsa Bibele e Sebelisoa Sekolong

Buka ea Lipale tsa Bibele e Sebelisoa Sekolong

Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, ea Sepangasinan e ileng ea lokolloa ka 2012, e thusa bana ba sekolo ba Philippines ba buang puo eo. Khatiso ena e lumellana hantle le tataiso ea Lefapha la Thuto la Philippines ea hore bana ba rutoe ka puo eo ba e antseng letsoeleng likolong tsa mathomo.

Ho buuoa lipuo tse ka holimo ho 100 Philippines, ’me haesale e le pharela hore na ho sebelisoe puo efeng sekolong. Ka 2012, taelo e tsoang Lefapheng la Thuto e ile ea bontša hore “ho sebelisa puo e buuoang hae” ho etsa hore “bana ba rutehe ka pele.” Ka lebaka leo, ho ile ha thehoa lenaneo la Thuto e Fanoang ho Sebelisoa Lipuo Tse Ngata Tseo Bana ba li Antseng Letsoeleng.

Puo ea Sepangasinan e ne e le e ’ngoe ea lipuo tse ileng tsa khethoa hore li sebelisoe. Empa ho ne ho e-na le bothata. Mosuoe-hlooho oa sekolo se seng o ile a lumela hore ha ho na libuka tse lekaneng tseo bana ba buang puo eo ba ka li balang. Kahoo, khatiso ea Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele ea Sepangasinan e ileng ea lokolloa kopanong ea setereke ea November 2012 ea Lipaki Tsa Jehova, e ile ea tsoa ka nako e loketseng.

Ho ile ha hatisoa likopi tse ka bang 10 000 tse neng li tla ajoa likopanong. Bana ba banyenyane le batsoali ba bona ba ne ba thabetse ho fumana buka eo ka puo eo ba e antseng letsoeleng. Banyalani ba bang ba ile ba re: “Bana ba rōna baa e rata hobane ba khona ho e utloisisa ka ho feletseng.”

Hang ka mor’a kopano, Lipaki tse ’maloa li ile tsa isa libuka tsa tsona tsa Lipale Tsa Bibele sekolong se Toropong ea Dagupan. Matichere a moo a neng a sokola ho fumana libuka tsa Sepangasinan a ile a thabela buka ena. Ho ile ha ajoa libuka tse ka holimo ho 340. Matichere a ile a qala ho sebelisa buka eo hang-hang ho ruta bana ho bala ka lipuo tsa bona.

Lipaki Tsa Jehova li thabela hore ebe buka ena e khatha tema ea bohlokoa thutong ea bana ba banyenyane. E mong oa bafetoleli ea ileng a thusa ho fetolela khatiso ea Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele o ile a re: “Re bone bohlokoa ba ho fetolela libuka ka lipuo tseo batho ba li antseng letsoeleng, e le hore re ba finyelle lipelo. Ke ka hona Lipaki li ileng tsa etsa boiteko ba ho fetolela Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse makholo.”