Fetela boitsebisong

Ke’ng se Hlokahalang e le Hore U Utloisise Bibele?

Ke’ng se Hlokahalang e le Hore U Utloisise Bibele?

Karabo ea Bibele

Bibele e hlalosa se hlokahalang hore u e utloisise. Ho sa tsotellehe semelo sa hao, molaetsa oa Molimo o ka Bibeleng ‘ha o thata haholo, leha e le hore o hōle haholo.’—Deuteronoma 30:11.

Litsela tsa ho utloisisa Bibele

  1. E-ba le boikutlo bo nepahetseng. Amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo. Ikokobetse hobane Molimo o khahlanong le baikhohomosi. (1 Bathesalonika 2:13; Jakobo 4:6) Leha ho le joalo, qoba ho lumela feela—Molimo o batla hore u sebelise “matla a . . . ho nahana.”—Baroma 12:1, 2.

  2. Rapella bohlale. Ho Liproverbia 3:5, Bibele e re: “U se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” Ho e-na le hoo, ‘u ’ne u kōpe Molimo’ hore a u fe bohlale e le hore u utloisise Bibele.—Jakobo 1:5.

  3. E bale kamehla. U tla rua molemo haholo ha u bala Bibele kamehla ho e-na le ho e bala seoelo.—Joshua 1:8.

  4. Ithute eona ho latela lihlooho. Tsela e molemo ea ho ithuta seo Mangolo a se rutang ke ho ithuta Bibele ho latela lihlooho le ho e hlahlobisisa hore na e re’ng ka taba e itseng. Qala ka “lithuto tsa motheo,” ebe “u fetela lithutong tse tebileng haholoanyane.” (Baheberu 6:1, 2, Easy-to-Read Version) U tla elelloa hore u ka khona ho bapisa mangolo ’me ua hlokomela hore litemana tse sa tšoaneng li re thusa ho utloisisa likarolo tse ling tsa Bibele, esita le tse “thata ho utloisiseha.”—2 Petrose 3:16.

  5. Kōpa thusa ho batho ba bang. Bibele e re khothalletsa hore re lumele ha batho ba utloisisang Bibele ba re thusa. (Liketso 8:30, 31) Lipaki Tsa Jehova li ruta batho Bibele mahala. Joaloka Bakreste ba pele, li sebelisa Mangolo ho thusa batho ba bang hore ba lemohe hore na ha e le hantle ke’ng seo Bibele e se rutang.—Liketso 17:2, 3.

Lintho tseo u sa li hlokeng

  1. Bohlale ba tlhaho kapa ho ruteha. Baapostola ba Jesu ba 12 ba ne ba utloisisa Mangolo ’me ba a ruta batho ba bang, le hoja ba bang ba ne ba ba nka e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.”—Liketso 4:13.

  2. Chelete. U ka ithuta seo Bibele e se rutang mahala. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.