Fetela boitsebisong

Na Jesu ke Molimo ea Matla ʼOhle?

Na Jesu ke Molimo ea Matla ʼOhle?

Karabo ea Bibele

Bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo qosa ka hore o itekanya le Molimo. (Johanne 5:18; 10:30-33) Empa ha ho mohla Jesu a kileng a bolela hore o lekana le Molimo ea Matla ʼOhle. O ile a re: “Ntate o moholo ho ’na.”—Johanne 14:28.

Barutuoa ba Jesu ba pele ba ne ba sa nke hore o lekana le Molimo ea Matla ʼOhle. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngola hore ka mor’a tsoho ea Jesu, Molimo ‘o ile a phahamisetsa Jesu boemong bo phahameng.’ Ho hlakile hore Pauluse o ne a sa lumele hore Jesu ke Molimo ea Matla ʼOhle. Ho seng joalo, Molimo o ne a ka phahamisetsa Jesu joang boemong bo phahameng?—Bafilipi 2:9.