Fetela boitsebisong

Na Molimo o Tla Nthusa ha ke Rapela?

Na Molimo o Tla Nthusa ha ke Rapela?

Karabo ea Bibele

E, Molimo o thusa batho ba mo kōpang ka tieo lintho tse lumellanang le thato ea hae. Esita le haeba u qala ho rapela, u ka khothatsoa ke mehlala e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba rapela ba re, “Molimo, nthuse.” Ka mohlala:

  • “Nthuse Jehova Molimo oa ka; mpholose ho ea ka mohau oa Hao.”—Pesaleme ea 109:26, A Literal Translation of the Bible.

  • “Ke hlorile ’me ke futsanehile: Molimo . . . U thuso ea ka.”—Pesaleme ea 70:5.

Ho hlakile hore mongoli oa mantsoe ao o ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo. Leha ho le joalo, Molimo o mamela bohle ba mo rapelang ka boikutlo bo nepahetseng, batho ba kang ba “lipelo li robehileng” kapa ba “sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.

Ha ua lokela ho tšoha hore Molimo o hōle haholo hoo a sa khathatseheng ka mathata a hao. Bibele e re: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.” (Pesaleme ea 138:6) Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela.” (Matheu 10:30) Molimo o tseba lintho tse ngata ka uena, esita le tseo u sa li elelloeng. Kahoo, o tla mamela lithapelo tsa hao haeba u kōpa hore a u thuse ka matšoenyeho ao u nang le ’ona!—1 Petrose 5:7.