Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 42

Bibele e Rutang ka Lenyalo le Bosoha?

Bibele e Rutang ka Lenyalo le Bosoha?

Ditsong tse ding batho ba dumela hore motho a ke ke a thaba haeba a sa nyala kapa a sa nyalwa. Le ha ho le jwalo, ha se batho bohle ba lenyalong ba thabileng hape ha se batho bohle ba masoha ba sa thabang. Bibele e re lenyalo le bosoha ke dimpho tse tswang ho Jehova.

1. Melemo ya ho ba lesoha ke efe?

Bibele e re: “Ya fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ya sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa ha molemo haholo.” (Bala 1 Bakorinthe 7:32, 33, 38.) Ke ka ditsela dife motho ya seng lenyalong a etsang “ha molemo haholo”? Batho ba seng lenyalong ha ba na boikarabelo ba ho hlokomela balekane. Ka hoo, ba na le bolokolohi bo bongata. Ka mohlala, ba bang ba kgona ho sebeletsa Jehova haholwanyane ka hore ba ye dinaheng tse ding ho ya ruta batho Bibele. Ho feta moo, ba ka sebedisa nako ya bona e ngata ho matlafatsa setswalle sa bona le Jehova.

2. Ho na le melemo efe ha lenyalo le ngodisitswe ka molao?

Jwalo ka ha bosoha bo na le melemo ya bona, lenyalo le lona le na le melemo ya lona. Bibele e re “ba babedi ba molemo ho feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Taba ena ke nnete ho Bakreste ba sebedisang dikeletso tsa Bibele manyalong a bona. Batho ba nyalanang ka molao ba etsa tshepiso ya hore ba tla ratana, ba hlomphane ba be ba hlokomelane. Ha ba nyalane ka molao, ba ikutlwa ba sireletsehile ho feta batho ba dulang mmoho feela ba sa nyalana. Hape le bana ba ikutlwa ba sireletsehile haeba batswadi ba bona ba nyalane.

3. Jehova o nka lenyalo jwang?

Ha Jehova a nyadisa batho ba pele o ile a re: ‘Monna o tla siya ntatae le mmae a kgomarele mosadi wa hae.’ (Genese 2:24) Jehova o batla hore monna le mosadi ba ratane le hore ba dule ha mmoho hafeela ba ntse ba phela. O dumella hore ba ka hlalana feela ha e mong a entse bofebe. Boemong boo, Jehova o dumella molekane ya sa etsang bofebe hore a etse qeto ya hore na o tla hlala molekane wa hae kapa tjhe. a (Matheu 19:9) Jehova ha a dumelle hore Bakreste ba nyale sethepu.​—1 Timothea 3:2.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka etsang e le hore o thabe o be o thabise Jehova, ebang o lesoha kapa o lenyalong.

4. Sebedisa mpho ya bosoha hantle

Jesu o ne a nka bosoha e le mpho. (Matheu 19:11, 12) Bala Matheu 4:23 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jesu o ile a sebedisa bosoha ba hae jwang e le hore a sebeletse Ntate wa hae le ho thusa batho ba bang?

Bakreste ba seng lenyalong ba ka sebedisa monyetla ona jwalo ka ha Jesu a entse. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Bakreste ba masoha ba ka sebedisa nako ya bona jwang?

Na o ne o tseba?

Bibele ha e fane ka molao wa hore na batho ba lokela ho nyalana ha ba le dilemo di kae. Empa e kgothalletsa hore motho a eme ho fihlela a “fetile palesa ya botjha,” e leng nako eo maikutlo a ho etsa thobalano a leng matla hoo a ka sitisang motjha hore a etse qeto e nepahetseng.​—1 Bakorinthe 7:36.

5. Kgetha molekane ka bohlale

Ho kgetha molekane ke e nngwe ya diqeto tsa bohlokwa tseo o ka di etsang. Bala Matheu 19:4-6, 9 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha Mokreste a sa lokela ho potlakela ho kena lenyalong?

Bibele e ka o thusa hore o kgethe molekane ya nepahetseng. Ntho ya bohlokwa ke hore o batle molekane ya ratang Jehova. b Bala 1 Bakorinthe 7:39 le 2 Bakorinthe 6:14 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha re lokela ho nyalana feela le Bakrestemmoho le rona?

  • Haeba o nyalana le motho ya sa rateng Jehova, o nahana hore Jehova o tla ikutlwa jwang?

Haeba diphoofolo tse pedi tse sa tshwaneng di panwa ha mmoho, di tla lemala. Ka tsela e tshwanang, Mokreste ya nyalanang le motho eo e seng Paki ya Jehova o tla ba le mathata a mangata

6. Hlompha lenyalo jwalo ka Jehova

Baiseraele ba mehleng ya kgale ba ne ba hlala basadi ba bona ka mabaka a sa utlwahaleng. Bala Malakia 2:13, 14, 16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha Jehova a hloile ha batho ba hlalana ka mabaka a sa hlaheng ka Bibeleng?

Bofebe le tlhalo di utlwisa bana le molekane ya se nang molato bohloko

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • O ka etsang hore lenyalo la hao le atlehe haeba o nyalane le motho eo eseng Paki ya Jehova?

7. Phela ka melao ya Jehova ya lenyalo

Ho ka nna ha hlokahala hore motho a sebetse ka thata e le hore a phele ka melao ya Jehova ya lenyalo. c Jehova o hlohonolofatsa batho ba etsang jwalo. Bapala VIDEO.

Bala Baheberu 13:4 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na o nahana hore melao ya Jehova ya lenyalo e a utlwahala? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

Jehova o lebelletse hore Bakreste ba nyalane ka molao le ho hlalana ka molao jwalo ka ha dinaheng tse ngata mebuso e lebelletse hore batho ba etse jwalo. Bala Tite 3:1 ebe le buisana ka potso ena:

  • Haeba o lenyalong, na o kgodisehile hore lenyalo la hao le ngodisitswe ka molao?

MOTHO A KA NNA A RE: “Ke hobaneng ha re lokela ho nyalana? Bothata keng ha batho ba ratanang ba dula mmoho ba sa nyalana?”

  • O tla mo araba jwang?

KAKARETSO

Bosoha le lenyalo ke dimpho tse tswang ho Jehova. Batho ba ka thabela dimpho tsena le ho di kgotsofalla hafeela ba phela ka tsela eo Jehova a reng ba phele ka yona.

Re Ithutileng?

  • Motho a ka sebedisa bosoha ba hae ha molemo jwang?

  • Ke hobaneng ha Bibele e re re nyalane feela le Bakrestemmoho le rona?

  • Lebaka feela leo Bibele e reng motho a ka hlala ka lona ke lefe?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ho nyala “feela Moreneng” ho bolelang?

“Dipotso Tse Tswang ho Babadi” (Molula-Qhooa, July 1, 2004)

Shebella divideo tse pedi tse kgutshwanyane tse ka o thusang ho etsa qeto e nepahetseng pele o ratana kapa o kena lenyalong.

Ho Itokisetsa Lenyalo (11:53)

Ithute hore na ke hobaneng ha ntate e mong a re seo Jehova a mo fileng sona se molemo ho feta seo a se tetseng.

Ke ne ke Nahana Hore o Tla Ithuta Bibele (1:56)

Ke dintho dife tseo motho a lokelang ho nahana ka tsona pele a etsa qeto ya ho hlala kapa ho arohana le molekane wa hae?

“Hlompha ‘Seo Modimo a se Kopantseng ha Mmoho’” (Tora ya ho Lebela, December 2018)

a Sheba Tlhaloso ya 4 e buang ka ho arohana boemong boo ho se nang molekane ya entseng bofebe.

b Ditsong tse ding batswadi ke bona ba kgethelang bana ba bona balekane. Boemong bo jwalo, batswadi ba ratang bana ba bona ba sheba hore na motho eo o rata Jehova hakae, e seng hore na o na le tjhelete e ngata hakae.

c Haeba o dula le motho eo o sa nyalanang le yena, ke wena ya tla etsa qeto ya hore na o a mo tlohela kapa o nyalana le yena.