Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 29

Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?

Na Batho ba Hlokahetseng ba Ntse ba Phela?

Na o kile wa hlokahallwa ke motho eo o mo ratang? Ka nako eo e bohloko, o ka nna wa ipotsa: ‘Na batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela? Na re tla boela re bone batho bao re ba ratang ba hlokahetseng?’ Kgaolo ena le e latelang di tlo araba dipotso tsena.

1. Na motho ya hlokahetseng o ntse a phela?

Jesu o ile a tshwantsha lefu le boroko. Motho ya robetseng ha a bone dintho tse etsahalang. Lefu le tshwana le boroko ka tsela efe? Motho ya hlokahetseng ha a utlwe bohloko. Ha a hopole metswalle le ba lelapa la hae, ho sa tsotellehe hore na o ne a ba rata hakae. Bibele e re “ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho.”​—Bala Moeklesia 9:5.

2. Ho tseba nnete ka boemo ba bafu ho re thusa jwang?

Batho ba bangata ba tshaba ho shwa ebile ba tshaba bafu. Empa seo Bibele e se buang ka lefu se ka o kgothatsa. Jesu o itse: “Nnete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Dikereke tse ding di ruta hore ha motho a hlokahala moya wa hae o tswela pele o phela empa Bibele ha e rute seo. Bafu ha ba utlwe bohloko. Ka ha ha ba tsebe letho, ba ke ke ba re lematsa. Ka hoo ha ho hlokahale hore re ba rapele, re ba rapelle kapa re etse meetlo e itseng hobane re re ha re batle ba re halefele.

Batho ba bang ba re ba kgona ho bua le bafu. Empa ha se ntho e ka etsahalang hobane re ithutile hore bafu “ho hang ha ba tsebe letho.” Ho ka etsahala hore ebe batho ba nahanang hore ba bua le bafu ba ntse ba bua le bademona, ba iketsang eka ke baratuwa ba rona ba hlokahetseng. Ho tseba hore na bafu ba boemong bofe ho re sireletsa ho bademona. Jehova o a tseba hore ho sebedisana le bademona ho kotsi, ke ka hoo a reng re se ke ra bua le bafu.​—Bala Deuteronoma 18:10-12.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute dintho tse ding tseo Bibele e di rutang ka bafu mme o be le tumelo ho Modimo ya lerato, ya sa utlwiseng batho ba hlokahetseng bohloko.

3. Ithute seo e leng nnete ka boemo ba bafu

Batho ba na le maikutlo a sa tshwaneng ka boemo ba bafu empa ha ho bolele hore kaofela ba nepile.

  • Na moo o dulang teng batho ba dumela hore bafu ba ntse ba phela?

E le hore o bone seo Bibele e se rutang, bapala VIDEO ena.

Bala Moeklesia 3:20 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ho ya ka temana ee, na batho ba hlokahetseng ba ntse ba phela?

  • Na ha motho a hlokahala moya wa hae o tswela pele o phela?

Bibele e re bolella ka lefu la motswalle wa Jesu e leng Lazaro. Ha o ntse o bala Johanne 11:11-14, hlokomela hore na Jesu o ile a re ho etsahetseng ka Lazaro ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Jesu o ile a bapisa lefu le eng?

  • Papiso ee e re batho ba hlokahetseng ba boemong bofe?

  • Na taba ya hore Bibele e re bafu ha ba tsebe letho e a utlwahala?

4. Ho tseba nnete ka bafu ho a re thusa

Ho tseba hore batho ba hlokahetseng ha ba phele ho re thusa hore re se ke ra tshaba bafu. Bala Moeklesia 9:10 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na bafu ba ka re lematsa?

Ho tseba nnete ka seo Bibele e se buang ka bafu ho re thusa hore re se ke ra rapela bafu kapa ra ba etsetsa meetlo e itseng hobane re re ha re batle ba re halefele. Bala Esaia 8:19 le Tšenolo 4:11 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o ikutlwa jwang ha motho a rapela bafu kapa a kopa thuso ho bona?

Ho tseba nnete ka bafu ho re thusa hore re se ke ra etsa meetlo e sa thabiseng Jehova

5. Ho tseba nnete ka bafu ho a re tshedisa

Batho ba bangata ba rutilwe hore ha ba hlokahetse ba tlo ahlolwa ka lebaka la dintho tse mpe tseo ba di entseng. Empa ho tseba hore bafu ha ba tjheswe diheleng, esita le ba entseng dintho tse mpe ka ho fetisisa ho a re tshedisa. Bala Baroma 6:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e re ha motho a shwele dibe tsa hae di hlakotswe mme Modimo ha a sa mo nka a le molato. Jwale na ha motho a shwele o ahlolelwa dintho tse mpe tseo a di entseng?

Ha re ntse re ithuta ka Jehova, re a hlokomela hore le ka mohla a ke ke a utlwisa batho ba hlokahetseng bohloko. Bala Deuteronoma 32:4 le 1 Johanne 4:8 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na Modimo ya nang le makgabane a boletsweng ditemaneng tsee a ka utlwisa batho ba hlokahetseng bohloko?

  • Na ho tseba nnete ka batho ba hlokahetseng ho a o tshedisa? Hobaneng?

BATHO BA BANG BA RE: “Ke a tshoha ha ke nahana hore na ho tlo etsahalang ka nna ha ke shwa.”

  • Ke ditemana dife tsa Bibele tse tshedisang tseo o ka qoqang le batho bao ka tsona?

KAKARETSO

Ha motho a shwa, bophelo ba hae bo a fela. Bafu ha ba utlwe bohloko ebile ba ke ke ba lematsa batho ba phelang.

Re Ithutileng?

  • Na motho ya hlokahetseng o ntse a phela?

  • Ho tseba hore batho ba hlokahetseng ha ba phele ho re thusa jwang?

  • Ho tseba hore batho ba hlokahetseng ha ba phele ho re tshedisa jwang?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Sheba hore na lentswe “moya” le bolelang ka Bibeleng.

“Moya ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ehlile Modimo o tjhesa batho ba kgopo diheleng.

Na Dihele ke Sebaka Seo ho Tjheswang Batho ho Sona? (3:07)