Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ile ka Khahloa ke Kamoo Bibele e Hlakileng e Bileng e Utloahalang Kateng

Ke ile ka Khahloa ke Kamoo Bibele e Hlakileng e Bileng e Utloahalang Kateng
  • KE HLAHILE KA: 1948

  • NAHA EA HESO: HUNGARY

  • PELE: KE NE KE LABALABELA HO FUMANA LIKARABO TSA LIPOTSO TSA BOHLOKOA BOPHELONG

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse Hungary motseng o tsebahalang oa Székesfehérvár o bileng teng lilemong tse ka holimo ho 1 000 tse fetileng. Ke utloa bohloko ha ke bona tšenyo e bakiloeng ke ntoa ea bobeli ea lefatše.

Ke hōlisitsoe ke nkhono le ntate-moholo. Kea ba hloloheloa, haholo-holo nkhono Elisabeth. O ile a ntšusumelletsa ho ba le tumelo e matla ho Molimo. Ho tloha ha ke le lilemo li tharo, re ne re etsa Thapelo ea Morena mantsiboea a mang le a mang. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho utloisisa seo thapelo eo e se bolelang ha ke habile ho ba lilemo li 30.

Ke hōlisitsoe ke nkhono le ntate-moholo hobane batsoali ba ka ba ne ba lula ba le mosebetsing e le hore ba be le chelete ea ho reka ntlo e ntle. Leha ho le joalo, ka Moqebelo o mong le o mong oa bobeli khoeling, re ne re e-ja ’moho re le lelapa. Ke ne ke thabela linako tseo haholo.

Qetellong, ka 1958 batsoali ba ka ba ile ba reka ntlo eo re neng re tla lula ho eona re le bararo. Ke ile ka ea lula le bona ’me sena sa nthabisa haholo. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse tšeletseng thabo ea ka e ile ea fetoha masoabi ha Ntate a bolaoa ke kankere.

Ke ne ke sithabetse ’me ka rapela ka re: “Molimo, ke u kōpile hore u boloke Ntate. Kea mo hloka. Ke hobane’ng ha u sa ka ua araba lithapelo tsa ka?” Ke ne ke labalabela ho tseba hore na ntate oa ka o hokae. Ke ne ke ipotsa ke re: ‘Ebe o leholimong? Kapa ha a sa tla hlola a phela?’ Ke ne ke khalla bana ba neng ba ntse ba e-na le bo-ntate.

Ka lilemo tse ngata ke ne ke e-ea mabitleng hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke khumama pel’a lebitla la Ntate ebe kea rapela ke re: “Kea u kōpa Molimo, ke batla ho tseba hore na ntate oa ka o hokae.” Ke ne ke boetse ke rapella hore ke utloisise hore na re phelela’ng.

Ha ke le lilemo li 13 ke ile ka ithuta Sejeremane. Kaha Sejeremane se na le libuka tse ngata, ke ne ke nahana hore ke tla fumana likarabo tsa lipotso tsa ka ha ke li bala. Ka 1967, ke ile ka kena sekolo motseng oa Jena oo ka nako eo e neng e le karolo ea Jeremane Bochabela. Ke ne ke rata ho bala libuka tsa bo-rafilosofi ba Majeremane, haholo-holo tse buang ka morero oa bophelo. Le hoja ke ile ka fumana lintlha tse thahasellisang, ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea nkhotsofatsa. Ke ile ka tsoela pele ho rapela hore ke fumane likarabo.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ka 1970, ke ile ka khutlela Hungary, moo ke ileng ka kopana le Rose, ’me hamorao ea e-ba mosali oa ka. Ka nako eo, Hungary e ne e busoa ke Makomonisi. Nakoana ka mor’a hore re nyalane, re ile ra balehela Austria. Re ne re batla hore qetellong re fallele Sydney, Australia, e leng moo malome oa ka a neng a lula teng.

Ka mor’a nakoana ke ile ka fumana mosebetsi Austria. Ka letsatsi le leng, mosebetsi-’moho le ’na o ile a mpolella hore ho na le moo nka fumanang likarabo tsa lipotso tsa ka. O ile a mpha libuka tse ’maloa tse thehiloeng Bibeleng. Ke ile ka li bala ka ho panya ha leihlo hobane ke ne ke batla ho ithuta ho ea pele. Kahoo, ka ngolla Lipaki Tsa Jehova e leng bona bahatisi ba libuka tseo ’me ka kōpa tse ling.

Letsatsing leo re neng re qeta selemo re nyalane, re ile ra eteloa ke Paki ea Moaustria. E ne e tlile le libuka tseo ke neng ke li kōpile, eaba e ithaopela ho ithuta Bibele le ’na ’me ka lumela. Kaha ke ne ke thabela thuto, re ne re ithuta habeli ka beke, ’me thuto ka ’ngoe e nka lihora tse ’nè!

Ke ile ka khahloa ke kamoo Lipaki li neng li nthuta Bibele kateng. Ha li mpontša lebitso la Molimo e leng Jehova ka Bibeleng ea ka ea Sehungary, ke ile ka hlolloa. Ka lilemo tse 27 tseo ke li qetileng ke kena kereke, ha ho mohla nkileng ka utloa ho buuoa ka lebitso la Molimo. Ke ile ka khahloa ke kamoo Bibele e hlakileng e bileng e utloahalang kateng. Ka mohlala, ke ile ka ithuta hore bafu ha ba tsebe letho, ho tšoana le ha ba robetse. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-15) Ka boela ka ithuta hore Bibele e tšepisa hore ho tla ba le lefatše le lecha leo ho lona lefu le ke keng la hlola le e-ba teng. (Tšenolo 21:3, 4) Ke na le tšepo ea hore ke tla boela ke bone Ntate hape kaha “ho tla ba le tsoho” lefatšeng leo le lecha.—Liketso 24:15.

Rose le eena o ile thabela ho ithuta Bibele. Re ile ra hatela pele ka potlako hoo re ileng ra qeta buka e ithutoang ka likhoeli tse peli feela! Re ne re e-ba teng kamehla libokeng tsa Lipaki tse neng li tšoareloa Holong ea ’Muso. Re ile ra khahloa haholo ke hore Lipaki Tsa Jehova lia ratana, lia thusana ebile li ntsoe-leng.—Johanne 13:34, 35.

Ka 1976, re ile ra fumana tumello ea ho lula Australia. Hang ha re fihla re ile ra fumana Lipaki Tsa Jehova ’me tsa re amohela ka mofuthu. Re ile ra ba Lipaki ka 1978.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Qetellong ke fumane likarabo tsa lipotso tseo ke ’nileng ka ipotsa tsona. Ha ke ntse ke tseba Jehova Molimo haholoanyane, ke ile ka hlokomela hore ke Ntate ea molemo ka ho fetisisa. (Jakobo 4:8) Ke thaba haholo ha ke hopola hore ke tla boela ke bone Ntate lefatšeng le lecha.—Johanne 5:28, 29.

Ka 1989, re ile ra khutlela Hungary e le hore re e’o bua ka bolumeli ba rōna ho metsoalle, ba lelapa le batho bao re neng re tla kopana le bona. Re bile le monyetla oa ho ruta batho ba makholo Bibele. Ba fetang 70 ho akarelletsa le ’mè oa ka, ba sebeletsa Jehova le rōna.

Ke ’nile ka rapela ka lilemo tse 17 hore ke fumane likarabo tsa lipotso tsa ka. Le hona joale ka mor’a lilemo tse ling tse 39 ke ntse ke rapela, empa lekhetlong lena ke re: “Kea leboha Ntate ea leholimong ha u arabetse lithapelo tseo ke ’nileng ka li etsa ho tloha bonyenyaneng.”