Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ne ke le Ntoa-Lumela

Ke ne ke le Ntoa-Lumela
  • KE HLAHILE KA: 1974

  • NAHA EA HESO: MEXICO

  • PELE: KE NE KE LE MOCHA EA RATANG NTOA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse motseng oa Ciudad Mante, o seterekeng sa Tamaulipas naheng ea Mexico. Ka kakaretso, batho ba motse ona baa fana ebile ba mosa. Empa ka lebaka la tlōlo ea molao, o se o le kotsi.

Ke mora oa bobeli ho ba bane. Batsoali ba ka ba ile ba nkolobetsa kerekeng e K’hatholike eaba hamorao ke kena k’hoaereng ea pharishe. Ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo hobane feela ke tšaba hore o tla nkahlola, ke bile ke tšaba ho cha ka ho sa feleng liheleng.

Ntate oa ka o ile a re lahla ha ke le lilemo li hlano. Ke ne ke utloile bohloko haholo ke bile ke utloa ke se na thuso. Ke sa utloisise hore na o re lahletse’ng empa re mo rata hakana. ’Mè o ne a tlameha ho sebetsa lihora tse ngata e le hore a re hlokomele.

Ke ile ka sebelisa monyetla oo eaba ke qala ho lofa sekolo le ho tloaelana le litlokotsebe. Li ile tsa nthuta ho rohakana, ho tsuba, ho utsoa le ho loana ka lifeisi. Kaha ke ne ke rata bompoli, ke ile ka ithuta litebele, ho kampana le karate ka ba ka ithuta ho loana ka libetsa. Ke ne ke le mocha ea ratang ntoa. Hangata ke ne ke kenella lintoeng tsa lithunya ’me ka makhetlo ke khutla lintšing tsa lefu. ’Mè o ne a utloa bohloko haholo ha a mphumana ke le makhatheng a lefu ’me a lokela ho mpotlakisetsa sepetlele.

Ha ke le lilemo li 16, Jorge e leng moshanyana eo ke hōtseng le eena, o ile a chakela lapeng. O ile a re bolella hore ke Paki ea Jehova ’me o batla ho re bolella molaetsa oa bohlokoa. A re bolella seo a se lumelang ka hore a re balle Bibele. Ke ne ke qala ho e bala, kahoo ke ile ka hlolloa ha ke ithuta lebitso la Molimo le hore na morero oa hae ke ofe. Jorge o ile a kōpa hore re ithute Bibele le eena eaba rea lumela.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ke ile ka thaba ha ke ithuta hore Bibele ha e rute hore batho ba chesoa liheleng. (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5) Ka mor’a ho ithuta sena, ke ile ka khaotsa ho tšaba Molimo ka lebaka la ho tšoha kahlolo. Ho e-na le hoo ke ile ka qala ho mo nka e le Ntate ea lerato ea batlelang bana ba hae lintho tse molemo.

Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta Bibele ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola botho ba ka. Ke ne ke lokela ho ikokobetsa le ho tlohela ho rata ntoa. Ke ile ka thusoa ke ho bala lengolo la 1 Bakorinthe 15:33 le bontšang hore litloaelano tse mpe “li senya mekhoa e metle.” Ke ile ka hlokomela hore e le hore ke fetole botho ba ka, ke lokela ho khaotsa ho tloaelana le batho ba ntšusumelletsang ho etsa lintho tse mpe. Kahoo ke ile ka tlohela metsoalle ea ka ea khale, eaba ke tloaelana le Bakreste ba ’nete kaha ha ba rarolle liqabang ka ntoa, empa ba sebelisa keletso ea Bibele.

Lengolo le leng le ileng le nthusa haholo ke Baroma 12:17-19. Le re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, . . . kaha ho ngoliloe: ‘“Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” Ke ile ka ithuta hore Jehova o tla felisa ho hloka toka ka nako ea hae e loketseng. Butle-butle ke ile ka tlohela ho rata ntoa.

Ha ke lebale se kileng sa etsahala mantsiboeeng a mang ha ke ne ke khutlela lapeng. Bacha ba kenke e ’ngoe eo re neng re tloaetse ho loana le eona ba ile ba ntlhasela eaba moeta-pele oa bona o nkotla mokokotlong o re: “Itoanele!” Ka nako eo ke ile ka etsa thapelo e khutšoanyane ’me ka kōpa hore Jehova a nthuse ho mamella. Le hoja ke ne ke utloa ke batla ho itoanela, ke ile ka baleha. Letsatsing le hlahlamang ke ile ka kopana le moeta-pele oa kenke eo. Le hoja ke ne ke halefile, ke ile ka boela ka rapela Jehova ka pelong e le hore a nthuse hore ke itšoare. Ke ile ka makatsoa ke ha a re: “Ke kōpa u ntšoarele ka se ileng sa etsahala maobane. Ho bua ’nete, ke batla ho tšoana le uena. Ke batla ho ithuta Bibele.” Ke ile ka thaba hobane ke khonne ho laola bohale ba ka ’me seo sa ’nolofalletsa hore ke qale ho ithuta Bibele le eena.

Ka bomalimabe, ba lelapa leso ha baa ka ba tsoela pele ho ithuta Bibele ka nako eo. Leha ho le joalo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke tsoele pele ho ithuta ’me ke se ke ka lumella eng kapa eng hore e ntšitise. Ke ne ke tseba hore ho lula ke e-na le batho ba Molimo ho tla nthusa hore ke khone ho mamella mathata ’me ke fumane lerato leo ke le hlokang. Ke ile ka tsoela pele ho etsa liphetoho bophelong ba ka eaba ka 1991 ke kolobetsoa hore ke be Paki ea Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ke ne ke lula ke halefile, ke rata ho hatella batho ba bang ke bile ke rata ntoa. Empa Lentsoe la Molimo le nthusitse hore ke fetohe. Hona joale ke se ke buisana le batho ka molaetsa oa khotso o hlahang ka Bibeleng. Ke se ke e-na le lilemo tse 23 ke ithuta Bibele le batho ’me ke qeta lihora tse 70 ka khoeli ke etsa mosebetsi ona.

Ke ile ka ithaopela ho ea sebetsa ka nakoana ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico. Ha ke le moo, ke ile ka kopana le moroetsana ea matla e leng Claudia, eaba re nyalana ka 1999. Ke leboha Jehova hore ebe o ntlhohonolofalitse ka motho ea tšepahalang hakana!

Re ile ra sebeletsa phuthehong ea puo ea matsoho ea Mexico ’me ra thusa batho ba sa utloeng litsebeng hore ba ithute ka Jehova. Hamorao re ile ra kōptjoa ho ea sebeletsa Belize e le hore re ithute Bibele le batho ba naha eo. Le hoja re se na lintho tse ngata mona, re na le lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re thabe. Ke bophelo bo monate ka ho fetisisa.

Ka mor’a nako, ’Mè o ile a boela a ithuta Bibele eaba o oa kolobetsoa. Hape, moholoane oa ka, mosali oa hae hammoho le barali ba bona ba babeli e se e le Lipaki Tsa Jehova. E meng ea metsoalle ea ka eo ke ileng ka ithuta Bibele le eona e se e le Lipaki.

Ka masoabi, litho tse ling tsa lelapa leso ha li sa phela hobane ha lia ka tsa khaotsa ho rata ntoa. Le ’na nka be ke shoele hoja ha kea fetola bophelo ba ka. Ke leboha Jehova ka hore ebe o ile a nkatametsa ho eena le ho batho ba mo rapelang kaha ba ile ba nthuta ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele.