Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khohlo ea Ela

Na Tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’Nete?

Na Tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’Nete?

Batho ba bang baa ipotsa hore na ebe tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’nete kapa e iqapetsoe. Na le uena u ile ua ipotsa potso e tšoanang ha u ntse u bala sehlooho se fetileng? Haeba ho joalo, re kōpa u nahane ka lipotso tse tharo tse latelang.

1 | Na ho na le motho ea ka bang bolelele ba limithara tse 2.9?

Bibele e re Goliathe o ne a le bolelele ba “litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla.” (1 Samuele 17:4) Litsoe tseo ho buuoang ka tsona mona ke lisenthimithara tse 44.5 ’me boahlamo ba seatla ke tse 22.2. Ha u li kopanya li etsa limithara tse 2.9. Batho ba bang ba re ho ke ke ha etsahala hore ebe Goliathe o ne a le molelele hakaalo. Empa nahana ka sena: Mehleng ena motho e molelele ka ho fetisisa eo ho tlalehiloeng ka eena o ne a le bolelele ba limithara tse 2.7. Na ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe Goliathe o ne a le bolelele boo kapa ho feta? E ne e le e mong oa Barefaime, e leng banna ba neng ba tsebahala ka hore ba bolelele bo sa tloaelehang. Tokomane ea Egepeta ea lilemong tsa bo-1201 ho ea ho 1300 e re naheng ea Kanana ho ne ho e-na le banna ba tšajoang ba neng ba le bolelele ba limithara tse 2.4. Ke ’nete hore bolelele ba Goliathe ha boa tloaeleha empa ho ne ho e-na le batho ba bolelele boo.

2 | Na Davida e ne e le motho oa sebele?

Ho na le nako eo litsebi tse ling li neng li batla hore Morena Davida ke motho ea iqapetsoeng empa ha lia ka tsa atleha. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana lejoe le ngotsoeng “Ntlo ea Davida.” Hape, Jesu Kreste o ile a bua ka Davida e le motho oa sebele. (Matheu 12:3; 22:43-45) Jesu ea tsebahalang e le Mesia o ne a tsoa lelokong la Morena Davida. (Matheu 1:6-16; Luka 3:23-31) Kahoo, ho hlakile hore Davida e ne e le motho oa sebele.

3 | Na sebaka seo ba neng ba loanela ho sona se hlile se teng?

Bibele e re ba ne ba loanela Khohlong ea Ela. Empa ha e felle moo. E re Bafilista ba ne ba hlomme liahelo ka thōko ho leralla lipakeng tsa motse oa Soko le Azeka. Baiseraele ba ne ba hlomme tsa bona ka lehlakoreng le leng la khohlo. Na ke libaka tse teng?

Ntate e mong ea ileng a etela libakeng tseo o re: “Motho ea re bontšang libaka, eo eseng Mokreste, o ile a re isa Khohlong ea Ela. Re ne re eme leralleng re shebile khohlong eaba o re re bale 1 Samuele 17:1-3. O ile a supa ka ’nģane ho khohlo eaba o re: ‘Ka letsohong le letšehali ke lithako tsa motse oa Soko.’ Eaba o re: ‘Ka ho le letona ke lithako tsa Azeka. Bafilista ba ne ba hloma liahelo lipakeng tsa metse ena e ’meli, ka thōko ho leralla lane. E ka ’na eaba re eme moo Baiseraele ba neng ba hloma liahelo teng.’ Ke ile ka nahana Saule le Davida ba eme hona mona moo ke emeng. Eaba rea theoha ’me re fihla lebōpong la nōka moo ho nang le majoe a mangata. Ke ile ka nahana ha Davida a thonaka majoe a mahlano a boreleli ao le leng la ’ona le ileng la bolaea Goliathe.” Joaloka batho ba bangata ba ileng ba etela sebaka seo, ntate eo o ne a hlōletsoe ke kamoo tlaleho ea Bibele e nepahetseng kateng.

Ha re na mabaka a ho se lumele hore tlaleho ena e kile ea etsahala. E bua ka batho le libaka tsa sebele. Empa taba ea bohlokoa ke hore ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, kahoo ke ’nete hobane Molimo a ‘ke ke a bua leshano.’—Tite 1:2; 2 Timothea 3:16.