MOLULA-QHOOA February 2015 | Seo U ka se Etsang Hore U Thabele Mosebetsi oa Hao

Batho ba bangata ba rata mosebetsi. Ke’ng se ba thusitseng ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka mosebetsi o boima?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Batho ba sa Ntse ba Lokela ho Sebetsa ka Thata?

Batho ba bang ba khella ho sebetsa ka matsoho fatše. Empa batho ba bangata ba rata ho sebetsa ka thata. Ke’ng se ba thusitseng ho thabela mosebetsi oa bona?

SEHLOOHO SE KA NTLE

U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?

Nahana ka likeletso tseo Bibele e fanang ka tsona hore re thabe re be re khotsofalle mosebetsi oa hao.

PUISANO LE MOAHISANI

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Ithuta Bibele?

Le hoja Bibele e ngotsoe khale haholo, e na le likeletso tsa bohlokoa. Melao-motheo ea Bibele e re thusa joang likarolong tsohle tsa bophelo?

BIBELE E FETOLA BOPHELO

Ke ile ka Khahloa ke Kamoo Bibele e Hlakileng e Bileng e Utloahalang Kateng

Ernest Loedi o ile a fumana likarabo tsa tse ling tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong. Likarabo tse hlakileng tse tsoang Bibeleng li entse hore a be le tšepo ka bokamoso.

ETSISA TUMELO EA BONA

“Na Litlhaloso Hase Tsa Molimo?”

Ke’ng se ileng sa thusa Josefa hore ka sebete a hlalose toro ea moqhatsetsi, ea moapehi le ea Faro? Ho tlile joang hore Josefa a tlohe teronkong ’me a ee ntlong ea borena ka letsatsi le le leng feela?

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Inahanele hore na lefatše le tla ba le khotso le tšireletseho e kaakang ha le busoa ke ’muso o le mong oa lefatše. Ke hobaneng ha re lokela ho lumela ha Molimo a tšepisa hore o tla tlisa ’muso o joalo? Ke mang ea nang le makhabane a ho o etella pele?

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng

Na Bibele ke Buka e Ngotsoeng ka Bohlale ba Batho?

Hlokomela hore na Bibele e re’ng ha e ipuella.