Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 1 2017 | Ke Hobaneng ha Batjha ba e na le Kgatello ya Maikutlo? Ba ka Thuswa Keng?

Ho latela ditlaleho, palo ya batjha ba nang le kgatello ya maikutlo e ntse e eketseha haholo.

Ho ka etswang ka bothata boo?

Makasine ena ya “Fadimehang!” e fana ka ditlhahiso tse ka thusang batjha ba nang le kgatello ya maikutlo le tse bontshang hore na batswadi ba ka ba thusa jwang.

 

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Hobaneng ha Batjha ba e na le Kgatello ya Maikutlo? Ba ka Thuswa Keng?

Hlokomela matshwao a yona le hore na e bakwa keng. Bona hore na batswadi le batho ba bang ba ka thusa batjha jwang.

Ho Bososela—Mpho eo o ka e Arolelanang le ba Bang

Haeba o bososela esita le ho batho bao o sa ba tsebeng o ka etsa hore ba bang ba batle ho o etsisa mme la thaba.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ho Ntsha Mpa

Bana ba bangata ba bolawa ba so hlahe selemo le selemo. Na ho ntsha mpa ho fosahetse?

“Re Ile ra Thaba Haholo ha re Bona Kamoo Ba re Ratang Kateng”

Ka Moqebelo wa la 25 April 2015, ho ile ha eba le tshisinyeho ya lefatshe Nepal e ileng ya bolaya batho ba bangata. Kamora tshisinyeho ya lefatshe, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa bontsha hore Bakreste ba ratana e le kannete

SE KA THUSANG LELAPA

Tsela ya ho Bontsha Kananelo

Ha banyalani ba itlwaetsa ho sheba dintho tse ntle tseo balekane ba bona ba di etsang kamano ya bona e ka ntlafala. Keng se ka o thusang ho bontsha kananelo?

NA E ENTSWE?

Letlalo la Bohlwa ba Sahara bo le Sireletsang Motjhesong o Bataolang

Kokonyana ena ke e nngwe ya dikokonyana tse kgonang ho mamella motjheso. Keng e thusang kokonyana ena ho phela motjhesong o bataolang hakaalo?