Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

NA E ENTSWE?

Letlalo la Bohlwa ba Sahara bo le Sireletsang Motjhesong o Bataolang

Letlalo la Bohlwa ba Sahara bo le Sireletsang Motjhesong o Bataolang

KOKONYANA e bitswang bohlwa ba Sahara (Cataglyphis bombycina) ke e nngwe ya diko­konyana tse kgonang ho mamella motjheso. Ha dikokonyana tse jang bohlwa di ipatela letsatsi le bataolang hara mpa ya motshehare, lehwatateng la Sahara, bohlwa bona bo tswa mokoting wa bona e le hore bo ilo batla dijo mme bo ja le dikokonyana tse ding tse bolailweng ke motjheso.

[50] μm

Ako nahane: Letlalo la bohlwa ba Sahara le kgonang ho bo sireletsa letsatsing le bataolang, le na le boya bo ka hodimo le bo ka mahlakoreng bo entsweng ka tsela e kgethehileng mme karolo e ka tlaase ya mpa ya bona ha e na boya. Boya ba teng, bo etsang hore bo be mmala o phatsimang wa silivera, ha e le hantle bo tshwana le diphaephe tse nyenyane tse bopehileng jwalo ka kgutlotharo. Ha o ka sheba bohlwa bona o sebedisa microscope o tla bona hore karolo e ka hodimo le e ka mahlakoreng e na le boya bo bolelele mme karolo e ka tlaase ya bona ha e na boya. Tsela ena eo bohlwa bo entsweng ka yona e na le melemo e mmedi. Molemo wa pele ke hore e etsa hore boya ba bohlwa bo kgutlisetse mahlasedi a letsatsi sepakapakeng. Wa bobedi, e thusa hore bohlwa bo ntshe motjheso o mmeleng wa bona. Karolo e ka tlaase e se nang boya e bo thusa hore bo kgutlisetse motjheso o tswang fatshe sepakapakeng. *

[10] μm

Letlalo la bohlwa ba Sahara bo le sireletsang motjhesong o bataolang, le bo thusa hore bo kgone ho mamella motjheso o matla o ka etsang 53.6°C. Bafuputsi ba batla ho etsisa tsela ena eo bohlwa bo entsweng ka yona ka hore ba etse pente e tla etsa hore ho se ke ha tjhesa haholo ka tlung ntle le ho sebedisa sesebediswa leha e le sefe sa motlakase.

O nahanang ka see? Na letlalo la bohlwa ba Sahara bo le sireletsang motjhesong o bataolang le bile teng ka ho iphethola ha dintho kapa le entswe?

^ par. 4 Bohlwa bo boetse bo na le diprotheine tse entsweng ka tsela e kgethehileng, tse sa qhaqhweng ke motjheso o matla wa letsatsi. Menoto ya bona e melelele e hole le lehlabathe le tjhesang mme e etsa hore bo kgone ho matha kapelenyana. Bohlwa bo boetse bo na le bokgoni ba ho bona tsela e kgutshwanyane e kgutlelang mokoting wa bona.