Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka o Tswela Molemo Jwang?

Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka o Tswela Molemo Jwang?

“Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosadi.”​—GEN. 3:15.

PINA YA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o ile a etsang hang ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe? (Genese 3:15)

 HANG feela ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ile a bua ka boprofeta ba bohlokwa bo neng bo tla fa bana ba bona tshepo. Boprofeta boo bo hlaha ho Genese 3:15.​—E bale.

2. Ke hobaneng ha boprofeta bona e le ba bohlokwa?

2 Boprofeta bona bo hlaha bukeng ya pele ya Bibele. Dibuka tse ding tsa Bibele di amana le boprofeta bona ka tsela e itseng. Feela jwalo ka ha re sebedisa kgareng ho kopanya masela hore e be seaparo, ka ho tshwanang boprofeta bo ho Genese 3:15 bo kopanya seo ho buuwang ka sona bukeng e nngwe le e nngwe ya Bibele hore e be molaetsa o le mong. Molaetsa oo ke o bontshang hore Jehova o ne a tla romela Mopholosi ya tla fedisa Diabolose le batho bohle ba kgopo ba mo tshehetsang. * Ena e tla ba ntho e thabisang haholo ho batho ba ratang Jehova.

3. Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena tse tharo tse mabapi le boprofeta bo hlahang ho Genese 3:15: Boprofeta boo bo bua ka bomang? Bo phethahala jwang? Hona bo re tswela molemo jwang?

BOPROFETA BOO BO BUA KA BOMANG?

4. “Noha” ke mang, hona re tseba seo jwang?

4 Genese 3:14, 15 e bua ka “noha,” “peo” ya noha, “mosadi” le “peo” ya mosadi. Bibele e re thusa ho utlwisisa hore na dintho tsena di tshwantshetsa bomang. * A re qaleng pele ka ho bua ka “noha.” Noha ya sebele e ne e ke ke ya utlwisisa seo Jehova a neng a se bua serapeng sa Edene. Ka hoo, e tlameha ebe Jehova o ne a ahlola sebopuwa se bohlale. Jehova o ne a bua le mang? Tšenolo 12:9 e re hlalosetsa hantle hore na noha ke mang. Temana ena e hlalosa hore “noha ya pele” ke Satane Diabolose. Empa peo ya noha e tshwantshetsa bomang?

NOHA

Satane Diabolose, eo Tšenolo 12:9 e mo hlalosang e le “noha ya pele” (Sheba serapa sa 4)

5. Peo ya noha e tshwantshetsa bomang?

5 Ka dinako tse ding ha Bibele e bua ka peo ka tsela ya tshwantshetso, e bolela batho ba nahanang le ho etsa dintho jwalo ka ntate wa bona. Ka hoo, peo ya noha e tshwantshetsa mangeloi a sa tshepahaleng le batho bao jwalo ka Satane ba leng kgahlanong le Jehova Modimo le bahlanka ba Hae. Peo ya noha e akareletsa mangeloi a ileng a tloha lehodimong mehleng ya Noe le batho ba kgopo ba itshwereng hampe jwalo ka ntate wa bona Diabolose.​—Gen. 6:1, 2; Joh. 8:44; 1 Joh. 5:19; Juda 6.

PEO YA NOHA

Mangeloi a sa tshepahaleng le batho ba hanyetsang Jehova Modimo le bahlanka ba hae (Sheba serapa sa 5)

6. Ke hobaneng ha “mosadi” eo ho buuweng ka yena e ne e ke ke ya eba Eva?

6 A re ke re bueng ka hore na “mosadi” ke mang. E ne e ke ke ya eba Eva. Hobaneng? Nahana ka lebaka lena. Boprofeta bona bo ile ba re peo ya mosadi e ne e tla “kgoba” hlooho ya noha. Jwalo ka ha re se re bone, noha ke Satane, e leng lengeloi le kgopo mme bana ba Eva ba ke ke ba kgona ho kgoba Satane hlooho hobane ha ba a phethahala. Jwale ke mang ya neng a tla fedisa Satane?

7. Tšenolo 12:1, 2, 5 le 10 e bontsha hore mosadi eo ho buuwang ka yena ho Genese 3:15 o tshwantshetsa eng?

7 Buka ya ho qetela ya Bibele e a re bolella hore na mosadi eo ho buuweng ka yena ho Genese 3:15 ke mang. (Bala Tšenolo 12:1, 2, 5, 10.) Mosadi eo ho buuwang ka yena mona ke mosadi wa tshwantshetso. Bibele e re o na le kgwedi ka tlasa maoto a hae ebile o rwetse moqhaka wa dinaledi tse 12 hloohong ya hae. O tswala ngwana ya sa tlwaelehang, e leng Mmuso wa Modimo. E tlameha ebe mosadi enwa o lehodimong ka ha Mmuso ona o lehodimong. Mosadi enwa o tshwantshetsa karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova e entsweng ka mangeloi a tshepahalang.​—Bagal. 4:26.

MOSADI

Karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova e entsweng ka mangeloi a hae a tshepahalang (Sheba serapa sa 7)

8. Ke mang eo e leng karolo e ka sehloohong ya peo ya mosadi, hona e bile yona neng? (Genese 22:15-18)

8 Lentswe la Modimo le boetse le re thusa ho tseba hantle hore na karolo e ka sehloohong ya peo ya mosadi ke mang. Peo eo e ne e lokela ho ba setloholo sa Abrahama. (Bala Genese 22:15-18.) Jesu e ne e le yena setloholo sa mopatriareka eo ya tshepahalang, jwalo ka ha boprofeta bo bontshitse. (Luka 3:23, 34) Peo eo e ne e ke ke ya eba motho hobane e ne e tlo fedisa Satane Diabolose. Ka hoo, ha Jesu a ne a le dilemo tse ka bang 30, Modimo o ile a mo tlotsa ka moya o halalelang. Ha Jesu a tlotswa, e ile ya eba karolo e ka sehloohong ya peo ya mosadi. (Bagal. 3:16) Ka mora hore Jesu a shwe mme a tsoswe, Modimo o ile a mo “rwesa moqhaka wa kganya le tlhompho” mme a mo fa “matla ohle lehodimong le lefatsheng,” ho akarelletsa le matla a “ho qhaqha mesebetsi ya Diabolose.”​—Baheb. 2:7; Mat. 28:18; 1 Joh. 3:8.

PEO YA MOSADI

Jesu Kreste le ba 144 000 ba tla busa le yena (Sheba serapa sa 8 le 9)

9, 10. (a) Ke bomang hape bao e leng karolo ya peo ya mosadi, hona seo se etsahala neng? (b) Re tlo bua kang?

9 Ho na le batho bao e neng e tla ba karolo ya bobedi ya peo ya mosadi. Moapostola Pauluse o ile a bua ka karolo ena ya peo ha a ne a bua le Bakreste ba tlotsitsweng ba Bajuda le ba Baditjhaba, a re: “Haeba le ba Kreste, ka sebele le peo ya Abrahama, majalefa mabapi le tshepiso.” (Bagal. 3:28, 29) Ha Jehova a tlotsa Mokreste ka moya o halalelang, Mokreste eo e ba karolo ya peo ya mosadi. Ka hoo, peo ya mosadi ke Jesu Kreste le batho ba 144 000 ba tla busa le yena. (Tšen. 14:1) Kaofela ha bona ba leka ho nahana le ho etsa dintho jwalo ka Ntate wa bona, Jehova Modimo.

10 Hona jwale re se re tseba hore na Genese 3:15 e bua ka bomang, ka hoo a re ke re boneng hore na Jehova o se a entseng ho phethahatsa boprofeta bona le hore bo re tswela molemo jwang.

JEHOVA O SE A ENTSENG HO PHETHAHATSA BOPROFETA BONA?

11. Boprofeta bona bo ne bo bolelang ha bo re peo ya mosadi e ne e tla longwa “serethe”?

11 Ho ya ka boprofeta bo ho Genese 3:15, noha e ne e tla loma “serethe” sa peo ya mosadi. Seo se ile sa phethahala ha Satane a ne a susumetsa Bajuda le Baroma hore ba bolaye Mora wa Modimo. (Luka 23:13, 20-24) Ha Jesu a ne a shwele, ka nakwana o ne a sa kgone ho etsa letho feela jwalo ka ha motho a sa kgone ho tsamaya ka nakwana ha serethe sa hae se lemetse.​—Mat. 16:21.

12. Hlooho ya noha e tla kgojwa neng, hona jwang?

12 Boprofeta bo ho Genese 3:15 bo bontsha hore Jesu o ne a ke ke a dula a shwele. Hobaneng? Hobane ho ya ka boprofeta boo, peo ya mosadi e ne e tla kgoba hlooho ya noha. Sena se bolela hore Jesu o ne a lokela ho tsoswa mme o ile a fela a tsoswa. Jesu o ile a tsoswa ka mora matsatsi a mararo mme o ile a ya lehodimong moo a ke keng a hlola a shwa le ka mohla. Jesu o tla fedisa Satane ka nako eo Modimo a e behileng. (Baheb. 2:14) Kreste ha mmoho le ba tla busa le yena ba tla fedisa dira tsa Modimo e leng peo ya noha.​—Tšen. 17:14; 20:4, 10. *

BOPROFETA BONA BO RE TSWELA MOLEMO JWANG?

13. Ho phethahala ha boprofeta bona ho re tswela molemo jwang?

13 Ho phethahala ha boprofeta bona ho o tswela molemo haeba o inehetse ho Modimo. Jesu o ile a tla lefatsheng e le motho mme o ne a etsisa botho ba Ntate wa hae ka ho phethahetseng. (Joh. 14:9) Ka hoo, ho ithuta ka Jesu ho entse hore re tsebe Jehova Modimo le ho mo rata. Hape dintho tseo Jesu a neng a di ruta le tsela eo a tataisang phutheho ka yona mehleng ena ho re tswela molemo. O re rutile hore re phele ka tsela e tla thabisa Jehova. Taba ya hore Jesu o ile a longwa serethe kapa a shwa, e re tswela molemo. Ka tsela efe? Ha Jesu a tsoswa, o ile a fana ka madi a hae e le sehlabelo se phethahetseng se re ‘hlwekisang sebeng sohle.’​—1 Joh. 1:7.

14. Re tseba jwang hore mantswe a boprofeta ao Jehova a ileng a a bua serapeng sa Edene ha a ka a phethahala ka yona nako eo? Hlalosa.

14 Mantswe a boprofeta ao Jehova a ileng a a bua serapeng sa Edene a bontsha hore ho ne ho tla hlokahala nako pele a ka phethahala ka ho felletseng. Ho ne ho tla nka nako pele mosadi a hlahisa peo e tshepisitsweng le hore Diabolose a bokelle balatedi ba hae le hore ho be le lehloyo pakeng tsa bona. Ho utlwisisa boprofeta bona ho a re thusa hobane ho a re lemosa hore batho ba buswang ke Satane ba tla hloya barapedi ba Jehova. Ha morao, Jesu o ile a lemosa barutuwa ba hae ka yona taba ena. (Mar. 13:13; Joh. 17:14) Re se re bone ha karolo ya boprofeta bona e phethahala, haholoholo dilemong tse lekgolo tse fetileng. Boprofeta boo bo phethahetse jwang?

15. Ke hobaneng ha batho ba buswang ke Satane ba hloile bahlanka ba Modimo hakana, hona ke hobaneng ha re sa lokela ho tshaba Satane?

15 Satane o ile a lelekwa lehodimong nakwana ka mora hore Jesu e be Morena ka 1914. Hona jwale o lefatsheng mme o emetse ho fediswa. (Tšen. 12:9, 12) Empa ha a phutha matsoho feela, o halefile haholo ebile o hlasela bahlanka ba Modimo. (Tšen. 12:13, 17) Ke ka hoo batho ba buswang ke Satane ba hloileng bahlanka ba Modimo hakana. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshaba Satane le balatedi ba hae. Ho ena le hoo, re ka kgodiseha jwalo ka moapostola Pauluse ya ileng a re: “Haeba Modimo a eme le rona, ke mang ya tla ba kgahlanong le rona?” (Bar. 8:31) Re ka tshepa Jehova ka ho felletseng hobane re ithutile hore boholo ba boprofeta bo ho Genese 3:15 bo se bo phethahetse.

16-18. Ho utlwisisa Genese 3:15 ho ile ha thusa Morabo rona Curtis, Moradiwabo rona Ursula le Jessica jwang?

16 Tshepiso ya Jehova e ho Genese 3:15 e ka re thusa ho mamella mathata ao re nang le ona. Morabo rona Curtis eo e leng moromuwa Guam, o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke eba le mathata a neng a nthatafalletsa hore ke dule ke tshepahalla Jehova. Empa ho nahanisisa ka boprofeta bo ho Genese 3:15 ho ile ha nthusa hore ke dule ke tshepa Ntate wa ka ya lehodimong.” Morabo rona Curtis o lebelletse nako eo ka yona Jehova a tla fedisa mathata ohle a rona.

17 Moradiwabo rona Ursula ya dulang Bavaria o re ho utlwisisa Genese 3:15 ho mo thusitse ho kgodiseha hore Bibele ke Lentswe la Modimo. O ile a bona ka moo boprofeta bo bong kaofela bo amanang le boprofeta bona mme seo se ile sa mo kgahla haholo. O boetse o re: “Ha ke ne ke ithuta hore ho na le ntho eo Jehova a ileng a e etsa hanghang ho re fa tshepo, seo se ile sa etsa hore ke mo rate le ho feta.”

18 Moradiwabo rona Jessica ya dulang Micronesia, o re: “Ke ntse ke hopola tsela eo ke neng ke ikutlwa ka yona ha ke ne ke hlokomela hore dintho tseo ke ithutang tsona ke nnete. Boprofeta bo ho Genese 3:15 bo ne bo ntse bo phethahala. Bo nthusitse ho hopola hore Jehova o ne a sa rera hore re etsahallwe ke dintho tse bohloko. Boprofeta bona bo boetse bo nthusitse hore ke kgodisehe hore ke tla thabela bophelo ha ke sebeletsa Jehova hona jwale mme ke tla thaba le ho feta nakong e tlang.”

19. Keng e re kgodisang hore karolo e qetellang ya boprofeta bona e tla phethahala?

19 Re se re bone hore hona jwale boprofeta bo ho Genese 3:15 bo ntse bo phethahala. Re ithutile hore na peo ya mosadi le ya noha e tshwantshetsa bomang. Jesu e leng karolo e ka sehloohong ya peo ya mosadi o se a fodile leqebeng la hae la serethe mme hona jwale ke Morena ya matla ya ke keng a hlola a shwa. Haufinyane palo ya batho ba kgethilweng hore e be karolo ya bobedi ya peo e tla fella. Ka ha karolo e qalang ya boprofeta bona e se e phethahetse, re kgodisehile hore karolo e qetellang ya bona ya hore hlooho ya noha e kgojwe le yona e tla phethahala. Bahlanka ba Modimo ba tla thaba haholo ha Satane a fediswa. Ha o ntse o emetse nako eo, o se ke wa nyahama hobane Modimo wa rona o a tshepahala. O tla sebedisa peo ya mosadi ho etsetsa “ditjhaba tsohle tsa lefatshe” dintho tse ngata tse molemo.​—Gen. 22:18.

PINA YA 23 Jehova o Qala ho Busa

^ Re ke ke ra utlwisisa Bibele hantle haeba re sa utlwisise boprofeta bo hlahang ho Genese 3:15. Ho ithuta boprofeta bona ho tla matlafatsa tumelo ya rona ho be ho re kgodise hore Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsohle tsa hae.

^ Sheba sehlooho se reng, “Molaetsa wa Bibele” bukaneng ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo.

^ Sheba lebokose le reng, “Genese 3:14, 15 e Bua ka Bomang?”