Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Jesu o ne a bolelang ha a re: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa kgotso”?

Jesu o ile a ruta batho hore ba be le kgotso le batho ba bang. Le ha ho le jwalo, ho na le nako eo a ileng a re ho baapostola ba hae: “Le se ke la nahana hore ke tletse ho tlisa kgotso lefatsheng; ke tletse ho tlisa sabole, eseng kgotso. Ka ha ke tletse ho baka karohano, ho motho kgahlanong le ntatae, le moradi kgahlanong le mmae, le mosadi e motjha kgahlanong le mmae matsale.” (Mat. 10:34, 35) Ebe o ne a bolelang?

Jesu o ne a sa batle ho senya kgotso ya malapa empa o ne a tseba hore dithuto tsa hae, di tla baka dikarohano ka malapeng. Ka hoo, batho ba neng ba batla ho ba balatedi ba Kreste le ho kolobetswa, ba ne ba lokela ho utlwisisa hore ka dinako tse ding ditho tsa malapa a bona di ke ke tsa thabiswa ke qeto ya bona. Kganyetso e tswang ho molekane eo e seng Mokreste kapa ditho tse ding tsa lelapa, e ka etsa hore ho be thata ho bona ho mamela dithuto tsa Kreste.

Bibele e kgothalletsa Bakreste hore ba “be le kgotso le batho bohle.” (Bar. 12:18) Empa ka malapeng a mang, dithuto tsa Jesu di ka ba jwalo ka “sabole.” Sena se ka etsahala ha setho se seng sa lelapa se amohela dithuto tsa Jesu empa ditho tse ding tsona di sa batle ho ithuta kapa di hanyetsa. Boemong boo, ba lelapa e eba “dira” tsa setho sa lelapa se ithutang.​—Mat. 10:36

Ka dinako tse ding balatedi ba Kreste ba phelang malapeng a arohaneng bodumeding ba tobana le maemo ao ho ona ba lokelang ho etsa qeto. Qeto eo e ka ba hore na ba tla thabisa Jehova le Jesu kapa ditho tsa malapa a bona. Ka mohlala, ditho tsa lelapa tseo e seng Bakreste di ka qobella Mokreste hore a be le bona ha ba keteka matsatsi a phomolo a bodumedi. Boemong boo, ba tla mamela mang? Jesu o ile a re: “Ya ratang ntate kapa mme ho mpheta ha a ntshwanele.” (Mat. 10:37) Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bolele hore motho o lokela hore a se ke a rata batswadi ba hae e le hore e be molatedi wa hae. Empa o ne a ba ruta hore na ke jwang ba ka kgethang dintho tsa bohlokwa haholo bophelong. Haeba ditho tsa lelapa tseo e seng Bakreste di re sitisa ho sebeletsa Jehova, re tswela pele ho di rata empa re lokela ho rata Modimo le ho feta.

Ho utlwisa bohloko ha ba lelapa ba hanyetsa. Empa balatedi ba Jesu, ba lokela ho hopola mantswe a hae a reng: “Mang kapa mang ya sa amoheleng thupa ya hae ya tlhokofatso mme a ntshala morao ha a ntshwanele.” (Mat. 10:38) Ka mantswe a mang, Bakreste ba nka ho hanyetswa ke ba lelapa e le karolo ya mathata ao ba ikemiseditseng ho a mamella. Ho ntse ho le jwalo, ba tshepa hore tsela e ntle eo ba itshwereng ka yona e tla susumelletsa ba malapa a bona hore ba fetole maikutlo a bona mme ba batle ho ithuta Bibele.​—1 Pet. 3:1, 2.