Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dihlooho Tse Ding Tseo o ka di Fumanang ho Tora ya ho Lebela

Dihlooho Tse Ding Tseo o ka di Fumanang ho Tora ya ho Lebela

Boholo ba bara le baradi ba bo rona ba sebedisa JW Library® app ho lokisetsa diboka mme ba thabela ka moo e ba lebisang sehloohong se itseng ka ho kgetheha sa Tora ya ho Lebela e ithutwang. Tora ya ho Lebela e ithutwang e boetse e na le dihlooho tse ding tseo o ka di balang tse thehilweng Bibeleng. O ka sebedisa JW Library app jwang ho fumana dihlooho tsee e le hore di o tswele molemo?

  • Ka tlasa sehlooho se seng le se seng sa Tora ya ho Lebela e ithutwang ho na le sehloohwana se reng “Bala Dintlha Tse Ding.” Ka tlasa sehloohwana seo tobetsa linki e reng “Dihlooho tse ding tse makasineng ena.” Tobetsa sehlooho se reng “Tse ka Hare” e le hore o fumane nomoro le sehlooho seo o se batlang mme o kgethe sehlooho seo o thabelang ho se bala.

  • Leqepheng le qalang la JW Library app tlasa karolo e reng “What’s New,” o ka daonlouda Tora ya ho Lebela ha e se e fumaneha. O ka bula makasine oo o ileng wa o daonlouda mme o shebe tlasa karolo e reng Tse ka Hare, ho bona dihlooho tsohle tse teng tse tla o tswela molemo.