Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Jehova o re Makaditse a ba a re Ruta Dintho Tse Ngata

Jehova o re Makaditse a ba a re Ruta Dintho Tse Ngata

Ha ke ntse ke le moshanyana, neng kapa neng ha ke bona sefofane se feta, ke ne ke labalabela ho ya naheng e nngwe ka sona. E ne eka ke toro e ke keng ya phethahala.

Nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, batswadi ba ka ba ile ba tloha Estonia ba fallela Jeremane e leng moo ke hlahetseng teng. Ka mora hore ke hlahe, ba ile ba itokisetsa ho fallela Canada. Ha re ne re qala ho fihla Canada, re ne re dula pela Ottawa ntlong e nyenyane eo re neng re dula ho yona le dikgoho. Re ne re le mafutsana ana a haesale empa bonyane re ne re ja mahe hoseng ho hong le ho hong.

Ka letsatsi le leng, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa balla mme wa ka lengolo la Tshenolo 21:3, 4. O ile a thaba hoo a ileng a lla. Mme wa ka le ntate wa ka ba ile ba tswela pele ho ithuta Bibele mme ka mora nako e kgutshwanyane ba ile ba tshwaneleha ho kolobetswa.

Le hoja batswadi ba ka ba ne ba sa tsebe Senyesemane hantle, ba ne ba tjhesehela ho sebeletsa Jehova. Hoo e ka bang Moqebelo o mong le o mong, ntate wa ka o ne a ya le nna le kgaitsedi ya ka Sylvia tshimong. O ne a ya le hoja a ne a qetile bosiu bohle a sebetsa ka thata Sudbury, Ontario femeng e qhibidihisang mofuta wa tshepe o bitswang nickel. Beke e nngwe le e nngwe re ne re ithuta Tora ya ho Lebela re le lelapa. Mme le Ntate ba ile ba etsa hore ke rate Modimo. Ka hoo, ke ile ka inehela ho Jehova ka 1956 ke le dilemo di leshome. Ha ke nahana ka moo batswadi ba ka ba neng ba rata Jehova ka teng, ke susumeletseha ho dula ke mo sebeletsa.

Ka mora ho qeta sekolo, ke ile ka kgwehlisa tabeng ya ho sebeletsa Jehova. Ke ne ke nahana hore ha nka ba pulamadiboho, nke ke ka ba le tjhelete e lekaneng hore ke phele bophelo boo ke bo batlang ba ho etela dibaka tse ngata ka sefofane. Ke ile ka fumana mosebetsi oo ke neng ke o rata wa ho letsa dipina seyalemoyeng. Empa ke ne ke sebetsa mantsiboya. Ka hoo, hangata ke ne ke lofa diboka ke bile ke qeta nako ke ena le batho ba sa rateng Modimo. Qetellong letswalo la ka le ile la ntshetshetha yaba ke etsa diphetoho.

Ke ile ka fallela Oshawa e profinseng ya Ontario. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Ray Norman, kgaitsedi ya hae Lesli le bopulamadiboho ba bang. Kaofela ba ile ba nkamohela ka mofuthu. Ha ke bona ka moo ba thabileng ka teng, ke ile ka sheba bophelo ba ka ka leihlo le leng. Ba ile ba nkgothaletsa hore ke be pulamadiboho mme ka September 1966 ke ile ka etsa jwalo. Bophelo ba ka bo ne bo le monate. Le ha ho le jwalo, bo ne bo tlo fetoha ka ditsela tseo ke neng ke sa di lebella.

HA JEHOVA A RE O ETSE NTHO, LEKA HO E ETSA

Ha ke ntse ke kena sekolo ke ile ka tlatsa kopo ya ho ya Bethele e Toronto, Canada. Ha morao ha ke se ke le pulamadiboho, ke ile ka mengwa hore ke yo sebetsa Bethele ka dilemo tse nne. Empa ke ne ke rata Lesli haholo. Ke ne ke tshohile hore ha nka dumela ho ya Bethele, ke ne nke ke ka hlola ke mo bona hape. Ka mora ho qeta nako e telele ke rapela ka matla, ke ile ka ya Bethele yaba ke sadisa Lesli hantle ka pelo e bohloko.

Ha ke le Bethele ke ne ke sebetsa lefapheng le hlatswang diaparo yaba ha morao ke ba mongodi. Lesli yena e ile ya eba pulamadiboho e kgethehileng motseng wa Gatineau o profinseng ya Quebec. Ke ne ke dula ke ipotsa hore na ebe moo a leng teng o ntse a etsang le hore na ebe ke entse qeto e nepahetseng. Yaba ho etsahala ntho e nngwe e nthabisang ka ho fetisisa eo ke neng ke sa e lebella. Abuti wa hae Ray o ile a mengwa hore a tlo sebetsa Bethele yaba ke dula le yena. E ile yaba ke se ke kgona ho buisana le Lesli hape. Re ile ra nyalana ka la 27 February 1971. E ne e bile e le letsatsi la ka la ho qetela la tshebeletso ya ka ya dilemo tse nne ke le Bethele.

Ha re qala mosebetsi wa potoloho ka 1975

Nna le Lesli re ile ra kopuwa ho ya phuthehong ya Sefora e Quebec. Ka mora dilemo tse seng kae ha ke le dilemo di 28, ke ile ka makala ha ho thwe ke be molebedi wa potoloho. Ke ne ke utlwa ke le monyane haholo ebile ke se na boiphihlelo bo lekaneng empa ke ile ka kgothatswa ke mantswe a Jeremia 1:7, 8. Lesli o ne a kile a hlahelwa ke dikotsi tsa koloi ka makgetlo a mmalwa hape o ne a thatafallwa ke ho robala. Ka hoo re ne re ipotsa hore na ebe re tla o kgona mosebetsi wa potoloho. Le ha ho le jwalo, Lesli o ile a re: “Ha Jehova a re re etse ntho, re lokela ho leka ho e etsa.” Re ile ra dumela ho ya mosebetsing wa ho potoloha mme ra thabela ho o etsa ka dilemo tse 17.

Ha ke ne ke le mopotolohi ke ne ke phathahane haholo mme ke ne ke sa kgone ho ba le nako e lekaneng le Lesli. Ke ne ke lokela ho ithuta thuto ya bohlokwa. Ka letsatsi le leng Mantaha hoseng, motho o ile a kokota monyako. Ha re bula, re ile ra fumana ho se na motho empa ho ne ho ena le baskete e tshetseng lesela la tafole, ditholwana, tjhisi, bohobe, botlolo ya veine le dikgalase. Hape ho ne ho ena le molaetsa oo re sa tsebeng hore na o tswa ho mang o reng: “Isa mosadi wa hao pikiniking.” Letsatsi le ne le tjhabile ha monate. Empa ke ile ka bolella Lesli hore re ke ke ra kgona ho ya hobane ke tlameha ho lokisetsa dipuo. O ne a utlwile bohloko empa o ile a utlwisisa. Ha ke ntse ke re ke a lokisetsa, letswalo la ka le ile la qala ho ntshetshetha. Ke ile ka nahana ka Baefese 5:25, 28. Ke ile ka ipotsa hore na ebe temana ee ha se tsela eo Jehova a nkgopotsang hore ke lokela ho nahanela maikutlo a mosadi wa ka. Ke ile ka rapela yaba ke re ho Lesli: “A re ye.” O ile a thaba haholo. Re ile ra kena koloing ra ya sebakeng se setle pela noka, ra fihla ra ala lesela la tafole mme ra ba le nako e monate haholo. Ke ile ka nna ka kgona ho lokisetsa dipuo tsa ka.

Re ne re potoloha dibakeng tse ngata ho tloha British Columbia ho ya ho Newfoundland ebile ho ne ho le monate. Toro ya ka ya ho hahlaula e ne e phethahala. Ke ne ke ye ke nahane ho kenya kopo ya ho ya sekolong sa Gileade empa ke ne ke sa batle ho yo ba moromuwa naheng e nngwe. Ke ne ke nka hore baromuwa ke batho ba kgethehileng mme nna ke ikutlwa ke sa tshwanelehe. Hape ke ne ke tshohile hore re ka tloha ra iswa naheng e nngwe ya Afrika moo ho nang le mafu le dintwa. Ke ne ke ikgotsofaletse ha ke ntse ke le Canada.

RE MEMELWA HO YA ESTONIA, LATVIA LE LITHUANIA RE SA LEBELLA

Ha re le ho e nngwe ya dinaha tse haufi le lewatle la Baltic

Ka 1992 Dipaki Tsa Jehova di ne di se di kgona ho etsa mosebetsi wa boboledi ka bolokolohi dinaheng tseo e neng e kile ya eba karolo ya Soviet Union. Ka hoo mokgatlo o ile wa re botsa hore na re ka rata ho yo ba baromuwa naheng ya Estonia. Taba ena e ile ya re makatsa empa re ile ra e rapella. Jwalo ka pele, re ile ra re: ‘Ha Jehova a re re etse ntho, re lokela ho leka ho e etsa.’ Re ile ra dumela ho ya Estonia mme ka re: ‘Bonyane ha re ye Afrika.’

Hanghang re ile ra qala ho ithuta Seestonia. Ka mora ho qeta dikgwedi re le Estonia, re ile ra kopuwa ho qala mosebetsi wa potoloho. Re ne re lokela ho etela diphutheho tse 46 le dihlopha Estonia, Latvia, Lithuania le Kaliningrad e Russia. Ka lebaka leo, re ne re tlameha ho ithuta Selatvia, Selithuania le Serussia. Ho ne ho se bonolo. Feela bana ba bo rona ba ne ba thabetse hore ebe re leka ho ithuta puo ya bona mme ba re thusa. Ka 1999 ho ile ha ba le ofisi ya lekala Estonia mme nna, Toomas Edur, Lembit Reile le Tommi Kauko re ile ra abelwa ho sebetsa komiting ya lekala.

Ka ho le letshehadi: Ke fana ka puo kopanong e Lithuania

Ka ho le letona: Komiti ya Lekala ya Estonia e thehilweng ka 1999

Re ile ra tseba Bakrestemmoho le rona ba bangata ba neng ba ile ba ahlolelwa ho ya Siberia. Le hoja ba ne ba tshwarwa hampe ha ba ne ba kwaletswe ebile ba arohantswe le malapa a bona, ha ho mohla ba ileng ba halefa. Ba ile ba dula ba sebeletsa Jehova ba thabile ba bile ba tjheseha. Mohlala wa bona o ile wa re ruta hore re ka kgona ho mamella mathata re thabile.

Re ile ra sebetsa ka thata ka dilemo tse ngata re phomola sewelo. Ka hoo, Lesli o ile a qala ho ba le mokgathala o feteletseng. Re ile ra dieha ho hlokomela hore ke hobane a ena le lefu le bitswang fibromyalgia. Re ile ra nahana hore re mpe re kgutlele Canada. Ha re ne re mengwa hore re ye Patterson, New York, USA sekolong sa Bara ba bo Rona ba Komiti ya Lekala le Basadi ba Bona, ke ne ke nahana hore re ke ke ra kgona. Empa ka mora hore re rapelle taba ena ka matla, re ile ra dumela ho ya. Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto eo. Ha re le moo sekolong, Lesli o ile a qetella a fumane kalafo eo a neng a e hloka. Ka lebaka leo, ra kgona ho tswela pele ka mosebetsi wa rona.

RE ISWA NAHENG E NNGWE RE SA LEBELLA

Mantsiboyeng a mang ka 2008 ha re ntse re le Estonia, ke ile ka letsetswa ke ba ntlokgolo ke botswa hore na re ka thabela ho fuwa mosebetsi o motjha naheng ya Congo. Ke ne ke maketse hoo ke ileng ka ema hlooho, haholo hobane ke ne ke tlameha ho araba ka la hosane. Qalong ha ke a ka ka re letho ho Lesli hobane ke ne ke tseba hore a ke ke a bo hlotha bosiung boo. Le ha ho le jwalo, ke nna ya sa kang a robala bosiung boo hobane ke ne ke ntse ke rapela Jehova, ke mo bolella dintho tse ntshwenyang ka Afrika.

Ka le hlahlamang ke ile ka bua le Lesli ka taba eo yaba re re: “Jehova o re re ye Afrika. Re ka se re re ke ke ra kgona ho ya moo le ho thabela ho sebeletsa Jehova re le moo empa re eso ye.” Ka hoo re ile ra ya Kinshasa e Congo ka mora ho qeta dilemo tse 16 re le Estonia. Ofisi ya lekala ya Congo e ne e ena le jarete e ntle ebile ho thotse ha monate. E nngwe ya dintho tsa pele tseo Lesli a ileng a di beha ka kamoreng ya rona ke karete eo a neng a e bolokile ho tloha ha re ne re tsamaya Canada. E ne e ngotswe mantswe ana: “O thabe hohle moo o leng teng.” Re ile ra thabela ho sebeletsa Jehova le ho feta ka mora hore re kopane le bana ba bo rona moo, re kganne dithuto tsa Bibele le ho utlwa ka moo ho leng monate ka teng ho ba baromuwa. Ha nako e ntse e eya, re ile ra ba le monyetla o ikgethang wa ho etela diofisi tsa makala dinaheng tse ding tse 13 tsa Afrika. Re ile ra ba le monyetla wa ho tseba batho ba bangata ba fapaneng le ho ithuta dintho tse ngata tse ntjha ka bona. Letswalo leo ke neng ke ena le lona qalong le ile la nyamela mme re ile ra leboha Jehova ka ho re roma Afrika.

Ha re le Congo re ile ra fuwa dijo tse kang dikokwanyana tseo ke neng ke nahana hore re ke ke ra kgona ho di ja. Empa ha re bona hore bana ba bo rona ba thabela ho di ja, ra leka ho di ja mme tsa re natefela.

Ka botjhabela ho Congo ho ne ho ena le dihlopha tsa marabele tse neng di hlasela metse ebile di hlokofatsa basadi le bana. Re ile ra ya moo ho kgothatsa bana ba bo rona le ho ba fa dintho tseo ba di hlokang. Boholo ba bana ba bo rona ba ne ba futsanehile. Empa ntho e ileng ya re ama maikutlo ke hore ba ne ba ena le tshepo e matla ya hore bafu ba tla tsoha, ba rata Jehova ebile ba tshepahalla mokgatlo wa hae. Mohlala wa bona o ile wa etsa hore re itlhahlobe re be re matlafatse tumelo eo re nang le yona ho Jehova. Ba bang ba bona ba ne ba lahlehetswe ke mahae a bona le dijo tseo ba neng ba di lemme. Taba eo e ile ya nkgopotsa hore re ka lahlehelwa ke dintho tseo re nang le tsona kapele feela le hore setswalle sa rona le Jehova ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa. Le hoja bana ba bo rona ba ne ba hlahelwa ke mathata a boima, e ne e se batho ba tlwaetseng ho tletleba. Tsela eo ba neng ba sheba dintho ka yona e ile ya re thusa hore re be sebete ha re sebetsana le mathata a rona le bokulo ba rona.

Ka ho le letshehadi: Ke kgothatsa sehlopha sa baphaphathehi

Ka ho le letona: Re isa meriana le dintho tse ding tse hlokahalang Dungu e Congo

RE FUWA MOSEBETSI O MOTJHA ASIA

Re ile ra fumana mosebetsi o mong oo re neng re sa o lebella. Re ile ra kopuwa ho fallela Bethele e Hong Kong. Re ne re sa nahana hore re tla ke re phele Asia. Empa ka ha re ne re ile ra bona lerato la Jehova le tsela eo a re thusitseng ka yona mesebetsing e meng yohle, re ile ra dumela ho ya Hong Kong. Ka 2013 re ile ra tsamaya re utlwile bohloko hoo re neng re bile re lla, ra siya metswalle ya rona le dibaka tse ntle tsa Afrika. Re ne re sa tsebe hore na ho tla etsahalang pele moo re yang.

Bophelo ba rona bo ile ba fetoha haholo ha re fihla Hong Kong hobane e ne e le motse o nang le batho ba bangata ba tswang hohle lefatsheng. Setjhaena se ne se le thata. Le ha ho le jwalo, bana ba bo rona ba ile ba re amohela ka mofuthu hape re ne re utlwa dijo tsa moo di le monate. Mosebetsi o neng o etswa ofising ya lekala o ne o eketseha ka sekgahla empa le teng ditheko tsa mehaho di ne di nyoloha ka lebelo le tshabehang. Ka hoo, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto e bohlale ya ho rekisa mehaho e mengata ya mokgatlo. Nakwana ka mora moo, ka 2015 re ile ra iswa South Korea, moo re ntseng re sebeletsa Jehova re le hona teng. Puo ya mona le yona e thata. Le hoja re ntse re eso kgone ho e bua hantle, re a kgothala ha bana ba bo rona ba re bolella hore re se re ntlafaditse haholo tseleng eo re buang Sekorea ka yona.

Ka ho le letshehadi: Ha re se re le Hong Kong

Ka ho le letona: Ofisi ya lekala ya Korea

DINTHO TSEO RE ITHUTILENG TSONA

Ka dinako tse ding ha ho bonolo ho etsa metswalle. Empa re bone hore ha re memela batho ha rona, re ka kgona ho ba tseba kapele. Re bone hore bana ba bo rona ba a tshwana ka ditsela tse ngata le hore Jehova o entse hore re kgone ho rata batho ba bangata.—2 Bakor. 6:11.

Re bone hore ho bohlokwa ho rata batho ba bang feela jwalo ka ha Jehova a etsa le ho batla dintho tse re bontshang hore Jehova o a re rata le hore o a re tataisa. Neng kapa neng ha re ne re nyahame kapa re ipotsa hore na bana ba bo rona ba a re rata, re ne re bala dikarete le mangolo a kgothatsang a tswang ho metswalle ya rona. Ka nnete re bone hore Jehova o arabetse dithapelo tsa rona, a re bontsha hore o a re rata a ba a re matlafatsa.

Ka dilemo tse ngata nna le Lesli re ithutile hore ho bohlokwa ho ipha nako ya ho ba mmoho ho sa tsotellehe hore na re phathahane hakae. Hape re ithutile hore ho bohlokwa hore re itshehe ha re entse diphoso, haholo ha re leka ho ithuta puo e nngwe. Bosiu bo bong le bo bong re leka ho nahana ka ntho eo re e thabetseng letsatsing leo ebe re leboha Jehova bakeng sa yona.

Ha ke se ke ipuela nnete feela, ke ne ke nahana hore nke ke ka kgona ho ba moromuwa kapa ho phela dinaheng tse ding. Le ha ho le jwalo, ke thabetse ho ithuta hore dintho tsohle di a kgoneha ka thuso ya Jehova. Ke hopola mantswe a moprofeta Jeremia a reng: “O mmakaditse, Jehova.” (Jer. 20:7) Ka nnete Jehova o re makaditse ka ditsela tse ngata ebile o re hlohonolofaditse ka ditsela tseo re neng re sa di nahana. O ile a ba a phethahatsa takatso ya ka ya ho ya dinaheng tse ding ka sefofane. Re ile ra ya dinaheng tse ngata le ho feta tseo ke neng ke nahanne hore ke tla fihla ho tsona ha ke ntse ke le moshanyana. Re ile ra etela diofisi tsa makala dikhonthinenteng tse hlano tsa lefatshe. Ke ananela haholo hore ebe Lesli o ne a dula a ikemiseditse ho ntshehetsa mesebetsing ena kaofela.

Ka dinako tsohle re leka ho hopola hore mosebetsi ona re o etsetsa Jehova le hore re o etsa hobane re mo rata. Ditlhohonolofatso tseo re di fumanang hona jwale di a re bontsha hore na ho tla ba monate hakae ha re se re phela ka ho sa feleng, ha Jehova a ‘bula letsoho la hae ebe o kgotsofatsa dintho tsohle tse phelang.’—Pes. 145:16.