Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Thabela Ditlhohonolofatso Tsa ka ho sa Feleng Tse Tswang ho Modimo

O ka Thabela Ditlhohonolofatso Tsa ka ho sa Feleng Tse Tswang ho Modimo
  • Na o ka thabela ho phela lefatsheng le se nang ntwa, botlokotsebe le le nang le kgotso?

  • Na o lakatsa eka re ka be re sa kule, re sa sotlehe ebile re sa shwe?

  • Na o batla ho phela o sena mathata ebile o sena ntho eo o kgathatsehang ka yona?

  • Na o lakatsa eka o ka be o dula sebakeng seo ho se nang dikoduwa tsa tlhaho?

Mmopi wa rona ya lerato, ya re fileng lefatshe le letle, o tshepisa batho hore ba tla phela lefatsheng le nang le kgotso mme ba thabele ho phela teng ka ho sa feleng. Ditshepiso tseo ha se ditshomo kapa ditoro feela.

Hlokomela dintlha tsena dihloohong tse latelang:

  • Modimo o ikutlwa jwang ka batho?

  • Seo Bibele e re rutang sona

  • Boprofeta ba Modimo bo re Modimo o re etsetsa dintho di fe tse ntle le hore o tla re etsetsa dintho di fe nakong e tlang

  • Modimo o tla re thusa jwang hore re thabe hona jwale le nakong e tlang?

Ha re qaleng ka ho bua ka dintho tseo Modimo a re fang tsona ho bontsha hore o a re rata.