Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mmopi wa Rona ya Lerato o a re Kgathalla

Mmopi wa Rona ya Lerato o a re Kgathalla

1. MMOPI WA RONA O ETSA HORE LETSATSI LE TJHABE

O nahana hore bophelo bo ka be bo le jwang haeba letsatsi le ne le sa tjhabe? Letsatsi le etsa hore difate di kgone ho hlahisa makala, malomo, ditholwana le peo. Hape le etsa hore sefate se kgone ho hula metsi a tswang mobung ka methapo ya sona mme metsi ao a fetela makaleng a sefate mme qetellong metsi ao a ya hodimo mme a fetoha mohodi.

2. MMOPI WA RONA O ETSA HORE PULA E NE

Pula ke mpho e molemo eo Jehova a re fileng yona mme e etsa hore lefatshe le re hlahisetse dijo. Modimo o entse hore pula e ne mme a etsa hore ho be le dinako tsa hore ho be le dijo e le hore re ka kgotsofala mme ra thabela bophelo.

3. MMOPI WA RONA O RE FA DIJO LE DIAPARO

Bontate ba bangata ba tshwenyehile ka hore ba fumanele ba malapa a bona dijo le diaparo tse lekaneng. Hlokomela seo mangolo a se buang: “Tadimang dinonyana tsa lehodimo ka hloko, hobane ha di jale peo le ha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le jwalo Ntata lona wa lehodimo o a di fepa. Na ha le ba bohlokwa ho di feta?”​—Matheu 6:25, 26.

“Ithuteng ka dikgahla tsa naha, ka moo di holang ka teng . . . , empa ke re ho lona esita le [Morena] Solomone kganyeng yohle ya hae ha aa ka a apara jwalo ka e nngwe ya tsena. Jwale, haeba Modimo a apesa dimela tsa naha jwalo . . . , na ho e na le hoo a ke ke a le apesa haholo?”​—Matheu 6:25, 26.

Ka ha Modimo o kgona ho re fa dijo le diaparo, ho hlakile hore a ka boela a re thusa ka dintho tseo re di hlokang bophelong. Haeba re batla ho etsa thato ya Modimo seo se tla etsa hore a hlohonolofatse boiteko boo re bo etsang ba ho lema dijalo, mme a ka boela a re thusa hore re fumane mosebetsi e le hore re ka reka dintho tseo re di hlokang.​—Matheu 6:32, 33.

Ka nnete re na le mabaka a utlwahalang a hore re rate Modimo ha re sheba dintho tse kang letsatsi, pula, dinonyana le malomo. Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na Mmopi wa rona o ile a bua le batho jwang.