Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o Sebedisa Bibele e Rekotilweng?

Na o Sebedisa Bibele e Rekotilweng?

Bibele e rekotilweng keng? Bibele e rekotilweng ke kgatiso e mamelwang ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha. E lokollwa hanyane ka hanyane ka dipuo tse ngata ka moo ho ka kgonehang. Se etsang hore Bibele e rekotilweng e be molemo ke hobane ho sebedisitswe mantswe a fapaneng bakeng sa batho ba hlahang ka Bibeleng. Babadi ba bala ka boikutlo bo hlokahalang e le hore ba ka fetisa molaetsa wa Bibele ka tsela e nepahetseng.

Bibele e rekotilweng e thusitse batho jwang? Batho ba bangata ba mamelang Bibele e rekotilweng ka mehla ba rata ka moo e phedisang Lentswe la Modimo ka teng. Ba re ha ba utlwa mantswe a batho ba sa tshwaneng, seo se etsa hore ba iketsetse ditshwantsho ka dikelellong tsa bona tsa se neng se etsahala mme se ba thusa hore ba utlwisise se ngotsweng ka hare ho Bibele. (Pr 4:5) Ba bang ba re ho mamela Bibele e rekotilweng ho ba thoba maikutlo ha ba tshwenyehile.​—Ps 94:19.

Ho utlwa ha Lentswe la Modimo le balwa ho ka ama tsela eo re phelang ka yona. (2Kr 34:19-21) Haeba Bibele e rekotilweng e fumaneha e felletse kapa e sa fella ka puo eo o e utlwisisang, na o ka etsa hore ho e mamela e be e nngwe ya dintho tseo o di etsang ha o ithuta Bibele o le mong?

SHEBELLANG VIDEO YA HO HATISWA HA BIBELE E REKOTILWENG​—KAROLWANA EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Ke eng e o kgahlang ka tsela eo Bibele e rekotilweng e hatisitsweng ka yona?