Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Jehova ke “Ntate wa Dikgutsana”

Jehova ke “Ntate wa Dikgutsana”

Selemo se seng le se seng ho ba le batjha ba bangata ba kgethang ho ba metswalle ya Jehova. (Ps 110:3) Jehova o tsotella e mong le e mong wa rona. O utlwisisa mathata a rona mme o tshepisa hore o tla re thusa hore re mo sebeletse. Haeba o hodisitswe ke motswadi a le mong, hopola hore Jehova “ke ntate wa dikgutsana.” (Ps 68:5) Kwetliso ya Jehova e ka o thusa hore o atlehe ho sa tsotellehe mathata a teng ka lapeng.​—1Pe 5:10.

SHEBELLANG VIDEO YA BATHO BA ATLEHANG HO LWANELA TUMELO​—BANA BA HODISWANG KE MOTSWADI A LE MONG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • O ithutang ho Tammy, Charles le Jimmy?

  • Ho latela Pesaleme ya 27:10, batho ba hodisitsweng ke motswadi a le mong ba ka kgodiseha ka eng?