Lengolo la Pele la Johanne 3:1-24

  • Re bana ba Molimo (1-3)

  • Bana ba Molimo le bana ba Diabolose (4-12)

    • Jesu o tla senya mesebetsi ea Diabolose (8)

  • Ratanang (13-18)

  • Molimo o moholo ho lipelo tsa rona (19-24)

3  Bonang hore na Ntate o re rata hakaakang!+ O re bitsa bana ba hae*+ ’me re fela re le bona. Empa lefatše ha le re tsebe+ hobane ha le tsebe Ntate.+  Baratuoa, le hoja re le bana ba Molimo,+ ha re e-s’o tsebe hore na re tla ba joang ka moso.+ Empa rea tseba hore mohla a iponahatsang re tla tšoana le eena hobane re tla mo bona ka tsela eo a leng ka eona.  E mong le e mong ea mo tšepileng oa itlhoekisa+ kaha le eena o hloekile.  Sebe ke tlolo ea molao. Kahoo, e mong le e mong ea tloaetseng ho etsa sebe o tloaetse ho etsa tlolo ea molao.  Le lona lea tseba hore o ile a bonahatsoa hore a tlose libe+ tsa rona empa eena ha a na sebe.  E mong le e mong ea lulang a momahane le eena ha aa tloaela ho etsa sebe.+ Ea tloaetseng ho etsa sebe ha a e-s’o mo bone ebile ha a mo tsebe.  Bana ba ka, le se ke la thetsoa hobane motho ea tloaetseng ho etsa lintho tse lokileng, o lokile feela joalokaha Jesu a lokile.  Ea tloaetseng ho etsa sebe o tsoa ho Diabolose hobane haesale Diabolose a etsa sebe ho tloha qalong.+ Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa hore a senye mesebetsi ea Diabolose.+  Bana ba Molimo ha ba itloaetse ho etsa sebe+ hobane moea oa hae o halalelang* o lula ho bona. Ba ke ke ba tloaela ho etsa sebe hobane ba tsoetsoe ke Molimo.+ 10  Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba bonahala ka tsela ena: E mong le e mong ea sa etseng lintho tse lokileng le ea sa rateng ngoan’abo, ha se ngoan’a Molimo.+ 11  Ho tloha qalong le tsebile molao o reng re lokela ho ratana.+ 12  Re se ke ra tšoana le Kaine, ea ileng a etsisa Diabolose* eaba o bolaea ngoan’abo.+ O ile a mo bolaea hobane mesebetsi ea hae e ne e le mebe+ empa ea ngoan’abo e le metle.+ 13  Bana beso, le se ke la makala ha batho ba lefatše lena ba le hloile.+ 14  Rea tseba hore re tlositsoe lefung ra isoa bophelong+ hobane re rata bana ba bo rona.+ Ea se nang lerato o ntse a shoele.+ 15  E mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ’molai+ ’me lea tseba hore ha ho ’molai ea tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 16  Rea tseba hore na lerato ke’ng hobane Jesu o ile a tela bophelo ba hae bakeng sa rona,+ le rona re tlameha ho tela bophelo ba rona molemong oa bana ba bo rona.+ 17  Haeba mang kapa mang a e-na le lintho tse lekaneng hore a ka iphelisa ’me a bona hore ngoan’abo oa hloka ebe ha a mo bontše mohau, na a ka re o rata Molimo?+ 18  Bana ba ka, re se ke ra bua feela hore re rata batho ba bang+ empa re bontše le ka liketso hore rea ba rata+ hape lerato la rona e be la ’nete.+ 19  Ka tsela eo, re tla tseba hore re na le ’nete ’me re tla ikholisa hore Molimo oa re rata. 20  Leha lipelo tsa rona li ka re qosa ka ntho efe kapa efe, re lule re hopola hore Molimo o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.+ 21  Baratuoa, haeba lipelo tsa rona li sa re qose, re ka bua le Molimo ka bolokolohi.+ 22  O tla re fa eng kapa eng eo re e kopang+ hobane re mamela litaelo tsa hae hape re etsa lintho tse mo khahlisang. 23  O re laetse hore re lumele lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste+ le hore re ratane.+ 24  Ho feta moo, ea mamelang litaelo tsa Molimo o tla lula a momahane le Molimo, le Molimo o tla lula a momahane le eena.+ Kaha o re file moea oa hae, rea tseba hore o tla lula a momahane le rona.+

Linaletsana

Ka Segerike: “bana ba Molimo.”
Ka Segerike: “peo ea Hae.”
Ka Segerike: “ea khopo.”