Buka ea Bobeli ea Samuele 12:1-31

  • Nathane o khalemela Davida (1-15a)

  • Mora oa Bathe-sheba oa shoa (15b-23)

  • Bathe-sheba o tsoala Solomone (24, 25)

  • Raba motse oa Baamone oa haptjoa (26-31)

12  Jehova a romela Nathane+ ho Davida. Ha Nathane a fihla ho eena+ a re: “Ho ne ho e-na le banna ba babeli motseng o mong, e mong o ne a ruile ’me e mong a futsanehile.  Monna ea ruileng o ne a e-na le likhomo le linku tse ngata.+  Empa monna ea futsanehileng o ne a se na letho haese konyana e le ’ngoe e nyenyane e tšehali eo a neng a e rekile.+ O ile a e hlokomela ’me a e holisa hammoho le bara ba hae. E ne e ja lijo tse nyenyane tseo a neng a e-na le tsona ’me a e noesa ka kopi ea hae ebile e robala sefubeng sa hae. Ho eena e ne e le joaloka morali.  Hamorao ha fihla moeti ha monna ea ruileng empa ha aa ka a hlaba nku kapa khomo ea hae hore a etsetse moeti ea neng a tlile ho eena lijo. Ho e-na le hoo, a nka konyana ea monna ea futsanehileng ’me a e hlabela moeti oa hae.”+  Davida a halefela monna eo haholo eaba o re ho Nathane: “Ka Jehova ea phelang,+ monna ea entseng ntho ena o tšoaneloa ke lefu!  O lokela ho patala konyana eo ka tse ’nè+ hobane o entse ntho ena ’me ha aa ka a ba le qenehelo.”  Joale Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke uena! Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke ’na ea u tlotsitseng hore u be morena oa Iseraele+ ’me ka u pholosa letsohong la Saule.+  Ke ne ke ikemiselitse ho u fa ntlo ea mong’a hao+ le basali ba mong’a hao+ ’me ke u file ntlo ea Iseraele le ea Juda.+ Ho ekelletsa moo, ke ne ke bile ke ikemiselitse ho u etsetsa lintho tse ling tse ngata.+  Ke hobane’ng ha u sa hlompha lentsoe la Jehova ’me u entse ntho e mpe tjee mahlong a hae? U bolaile Uria oa Mohethe ka sabole+ eaba u nka mosali oa hae u mo etsa mosali oa hao+ ka mor’a hore u etse hore Baamone ba mo bolaee ka sabole.+ 10  Joale ba lelapa la hao ba tla lula ba bolaoa ka sabole+ hobane u ntelletse ka hore ebe u nkile mosali oa Uria oa Mohethe hore e be mosali oa hao.’ 11  Jehova o itse: ‘Ke tla tlisa tlokotsi lelapeng la hao+ ’me ke tla fana ka basali ba hao ho monna e mong*+ u ntse u shebile ’me o tla robala le bona phatlalatsa.*+ 12  Le hoja u entse sena sephiring,+ ke tla etsa sena ka pel’a Baiseraele bohle phatlalatsa.’”* 13  Davida a re ho Nathane: “Ke sitetsoe Jehova.”+ Eaba Nathane o re ho Davida: “Jehova le eena o u tšoaretse.*+ U ke ke oa shoa.+ 14  Kaha ha oa hlompha Jehova tabeng ena, mora enoa oa hao ea qetang ho hlaha o tla shoa.” 15  Joale Nathane a khutlela ha hae. Eaba Jehova o kulisa ngoana eo mosali oa Uria le Davida ba bileng le eena. 16  Davida a rapella moshanyana eo ho Molimo oa ’nete. Davida a qala ho itima lijo ’me bosiu o ne a robala fatše.+ 17  Baholo ba ntlo ea hae ba ema pel’a hae ba leka ho mo phahamisa empa a hana. O ne a sa batle le ho ja le bona. 18  Ka letsatsi la bosupa ngoana eo a shoa empa bahlanka ba Davida ba ne ba tšaba ho mo bolella hore ngoana eo o shoele. Ba ne ba re: “Ha ngoana a ntse a phela re ile ra bua le eena empa o ne a sa batle ho re mamela. Joale re tla mo bolella joang hore ngoana o shoele? A ka ’na a intša kotsi.” 19  Ha Davida a bona hore bahlanka ba hae ba ntse ba sebelana, a hlokomela hore ngoana o shoele. Davida a re ho bahlanka ba hae: “Na ngoana o shoele?” Eaba ba re: “E, o shoele.” 20  Joale Davida a phahama fatše. A itlhatsoa ’me a itlotsa ka oli,+ a apara liaparo tse ling eaba o ea ntlong+ ea Jehova ’me a fihla a khumama. Ka mor’a moo, a ea ntlong* ea hae ’me a kopa hore ba mo tlisetse lijo eaba oa ja. 21  Eaba bahlanka ba hae ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha u entse tjee? Ha ngoana a ntse a phela u ne u itima lijo ebile u lula u lla. Empa hang ka mor’a hore ngoana a shoe, u ile oa phahama ’me oa qala ho ja.” 22  Eaba o re ho bona: “Ha ngoana a ntse a phela, ke ile ka itima lijo+ ebile ke ne ke lula ke lla hobane ke ne ke re, ‘Mohlomong Jehova o tla nkhauhela ’me a tlohele ngoana hore a phele.’+ 23  Kaha joale o shoele, ke sa itimela’ng lijo? A ke ke a khutlela ho ’na+ empa ke ’na ea tl’o shoa joaloka eena.”+ 24  Joale Davida a tšelisa mosali oa hae Bathe-sheba.+ Eaba Davida o ea ho eena ’me o robala le eena. Ha nako e ntse e ea Bathe-sheba a ba le mora ’me a rehoa Solomone.+ Jehova o ne a rata Solomone*+ 25  eaba o romela molaetsa a sebelisa moprofeta Nathane+ hore a mo rehe Jedidia,* ka lebaka la Jehova. 26  Joabe a ’na a loantša Raba+ ea Baamone+ ’me a hapa motse oa borena.*+ 27  Kahoo, Joabe a romela baromuoa ho Davida a re: “Ke loantšitse Raba+ ’me ke hapile motse oa metsi.* 28  Joale bokella masole a mang ’ohle le hlome litente ’me le hape motse. Ho seng joalo ke ’na ea tla hapa motse ’me ho tla rorisoa ’na.”* 29  Kahoo, Davida a bokella masole ’ohle ’me a ea Raba, a e loantša ’me a e hapa. 30  Ka mor’a moo, a nka korone e neng e le hloohong ea Malkame.* Boima ba korone eo bo ne bo lekana le ba khauta e ka etsang lik’hilokramo tse 34,* e bile e e-na le majoe a bohlokoa eaba e behoa hloohong ea Davida. O ile a boela a nka thepa e ngata eo a e hapileng+ motseng oo.+ 31  A ntša batho ba neng ba le motseng oo ’me a ba fa mosebetsi oa ho betla majoe, oa ho sebetsa ka lisebelisoa tse bohale tsa tšepe, lilepe tsa tšepe le oa ho etsa litene. O ile a etsa sena metseng eohle ea Baamone. Qetellong Davida le masole ’ohle ba khutlela Jerusalema.

Linaletsana

Kapa: “ngoan’eno.”
Kapa: “letsatsi le chabile.”
Kapa: “letsatsi le chabile.”
Kapa: “o lumella hore sebe sa hao se fete.”
Kapa: “phaleising.”
Ho tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Khotso.”
E bolelang “Ea Ratoang ke Jah.”
Kapa: “motse oa ’muso.”
Mohlomong ke mehloli ea metsi ea motse oo.
Ka Seheberu: “ ’me lebitso la ka ke lona le tla bitsoa.”
E leng molimo oa litšoantšo.
Ka Seheberu: “talenta e le ’ngoe.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.