Habakuke 1:1-17

  • Habakuke o kopa thuso (1-4)

    • “Ao hle Jehova! Ke tla kopa thuso ho fihlela neng?” (2)

    • “Ke hobane’ng ha u lumella batho ho hatella ba bang?” (3)

  • Molimo o sebelisa Bakalde ho ahlola sechaba (5-11)

  • Habakuke o llela ho Jehova (12-17)

    • ‘Molimo oa ka, ha u shoe’ (12)

    • “U hloekile haholo hore u ka bona lintho tse fosahetseng” (13)

1  ’Na moprofeta Habakuke* ke ile ka utloa molaetsa ponong eaba ke re:   “Ao hle Jehova! Ke tla kopa thuso ho fihlela neng empa u sa nkutloe?+ Ke u kope thuso ho fihlela neng hore u mpholose ho batho ba likhoka?+   Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone lintho tse fosahetseng? Ke hobane’ng ha u lumella batho ho hatella ba bang? Ke hobane’ng ha ke lula ke bona lintoa le batho ba tlatlapuoang? Hape ke hobane’ng ha ho e-na le liqabang le likhohlano?   Molao o feletsoe ke matla,Ha ho mohla toka e phethoang. Kaha batho ba khopo ba hatella ba lokileng,Toka ha e sa le eo.”+   “Shebang lichaba le bone hore na ho etsahala’ng,Le li shebe ’me le tla makala. Mehleng ea lona ho tla etsahala nthoEo le ke keng la e kholoa leha le ka e bolelloa.+   Ke tla tlisa Bakalde,+Sechaba sa batho ba sehloho le ba bohale. Ba tsamaea hohle lefatšengE le hore ba hape linaha tsa batho ba bang.+   Baa tšosa, batho baa ba tšaba. Ba iketsetsa melao ea bona ebile ba inka ba le matla.*+   Lipere tsa bona li lebelo ho feta mangau,Li bohale ho feta liphiri bosiu.+ Lipere tsa bona tsa ntoa lia matha,Lipere tsa bona li tsoa hole haholo. Ba fofa sa ntsu e potlaketseng ho ja.+   Kaofela ba tletse moea oa ntoa.+ Mabotho a bona a futuha joaloka moea oa bochabela+Le batšoaruoa ba bona ba bongata ba lehlabathe. 10  Ba soma marena,Liofisiri tse kholo tsona ha ba li bone.+ Ba halala metse e sirelelitsoeng ka thata,+Ba etsa liqubu e le hore ba kene ebe ba hapa metse eo. 11  Ba futuha joaloka moea ebe baa fetaEmpa ba tla nkoa ba le molato+Hobane ba nka hore matla a bona a tsoa ho molimo oa bona.”*+ 12  Jehova, esale u le teng.+ Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.*+ Jehova, u ba khethile hore ba phethe likahlolo tsa hao. Uena Lefika la ka,+ u ba khethile hore ba re khalemele.+ 13  U hloekile haholo hore u ka bona lintho tse fosahetsengEbile ha u khone ho mamella bokhopo.+ Joale ke hobane’ng ha u mameletse balotsana?+ Ke hobane’ng ha u sa re letho ha ea khopo a hatella motho ea lokileng?+ 14  Ke hobane’ng ha u tlohela batho hore ba tšoaroe joaloka litlhapi,Joaloka lihahabi tse se nang morena? 15  Kaofela ha tsona ba li tšoasitse ka huku e tšoasang litlhapi.* Ba li tšoasa ka letlooa la bonaEbe ba li bokella ka har’a lona. Ke kahoo ba thabileng.*+ 16  Joale ba etsetsa letlooa la bona mahlabeloBa bile ba le etsetsa linyehelo. Lijo tsa bona li mafura ka lebaka la lonaEbile li na le phepo. 17  Ke hobane’ng ha u ba lumella hore ba lule ba ahlamisitse letlooa* la bona?* Ke hobane’ng ha u ba lumella hore ba ’ne ba felise lichaba ba se na mohau?+

Linaletsana

Mohlomong e bolela “Ho Shakarela” kapa “Ho Haka.”
Kapa: “hlompheha.”
Kapa mohlomong: “matla a bona ke molimo oa bona.”
Kapa mohlomong: “re ke ke ra shoa.”
Kapa: “selope.”
E leng Bakalde.
Ke nete e tšoasang litlhapi.
Kapa mohlomong: “ba ntše lisabole tsa bona lilateng?”