Kosepele ea Johanne 6:1-71

  • Jesu o fepa batho ba 5 000 (1-15)

  • Jesu o tsamaea holim’a metsi (16-21)

  • Jesu ke “bohobe ba bophelo” (22-59)

  • Ba bangata ba khopisoa ke mantsoe a Jesu (60-71)

6  Ka mor’a moo, Jesu a tšelela ka nģ’ane ho Leoatle la Galilea kapa Tiberiase.+  Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao+ hobane ba bona mehlolo eo a e etsang ka ho folisa ba kulang.+  Jesu a nyolohela thabeng ho ea lula moo le barutuoa ba hae.  Mokete oa Bajuda+ oa Paseka o ne o le haufi.  Ha Jesu a bona hore batho ba bangata ba tla ho eena a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore batho baa ba je?”+  O ne a cho joalo e le hore a utloe hore na o nahanne’ng hobane a tseba hore na o tla tloha a etsa’ng.  Filipi a re: “Esita le mahobe a lidenari* tse 200 a fokola haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.”  E mong oa barutuoa ba hae e leng Andrease ngoan’abo Simone Petrose a re ho eena:  “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli tse nyenyane empa li nyenyane haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.”+ 10  Jesu a re: “E-reng batho ba lule fatše.” Ho ne ho e-na le joang bo bongata sebakeng seo, kahoo batho ba lula fatše. Har’a bona ho ne ho e-na le banna ba 5 000.+ 11  Jesu a nka mahobe, a rapela eaba o a fa batho ba lutseng fatše. A etsa joalo le ka litlhapi tse nyenyane ’me ba ja ho fihlela ba khotsofetse. 12  Ha ba se ba khotše a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lijo tse setseng e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.” 13  Kahoo, ba bokella lijo tse setseng ha ho ne ho jeoa mahobe a mahlano a harese ’me tsa tlala libaskete tse 12. 14  Ha batho ba bona mohlolo ona ba re: “Kannete enoa ke Moprofeta eo ho itsoeng o tla tla lefatšeng.”+ 15  Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.+ 16  Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba hae ba theohela leoatleng.+ 17  Ba palama sekepe, ba tšelela ka nģ’ane ho leoatle ho ea Kapernauma. Ka nako eo, ho ne ho se ho le lefifi empa Jesu a e-s’o fihle ho bona.+ 18  Kaha moea o ne o le matla, leoatle le ne le befile.+ 19  Ha ba se ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang hlano kapa tse tšeletseng* ka sekepe, ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle a atamela ho bona eaba baa tšoha. 20  A re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 21  Joale ba utloa ba lokolohile hore a ka kena ka sekepeng eaba sekepe se fihla lebopong moo ba neng ba ea teng.+ 22  Ka le hlahlamang, batho ba neng ba setse ka lehlakoreng le leng la leoatle ba fumana ho se na sekepe moo. Sekepe se le seng se senyenyane se ne se kile sa e-ba teng moo. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tsamaile ka sona empa ba sa tsamaea le eena. 23  Likepe tse tsoang Tiberiase tsa fihla haufi le moo ba jeletseng bohobe teng ka mor’a hore Morena a rapele. 24  Ha ba bona hore Jesu le barutuoa ba hae ha ba sa le eo, ba palama liketsoana ba ea Kapernauma ho ea batla Jesu. 25  Ha ba mo fumana ka nģ’ane ho leoatle ba re ho eena: “Rabi,+ u fihlile neng moo?” 26  Jesu a re ho bona: “Ho hlakile hore ha le mpatle hobane le bone mehlolo eo ke e entseng empa le mpatla hobane le jele mahobe la khora.+ 27  Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang empa le sebeletse lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng,+ tseo Mor’a motho a tla le fa tsona kaha Ntate e leng Molimo, o mo lumeletse ho etsa joalo.”*+ 28  Ba re ho eena: “Re etse’ng hore Molimo a re amohele?” 29  Jesu a re ho bona: “Molimo o batla hore le bontše hore le lumela ho eo a mo rommeng.”+ 30  Ba re ho eena: “U tl’o re bontša mohlolo ofe+ e le hore re u kholoe? U tl’o etsa’ng? 31  Baholo-holo ba rona ba ile ba ja manna lefeelleng+ joalokaha Mangolo a re: ‘O ile a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba je.’”+ 32  Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong empa Ntate o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong. 33  Bohobe boo Molimo a fanang ka bona ke ea theohang leholimong ’me a fa lefatše bophelo.” 34  Ba re ho eena: “Morena, u lule u re fa bohobe bona.” 35  Jesu a re ho bona: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang hape ea bontšang hore o lumela ho ’na a ke ke a nyoroa le ka mohla.+ 36  Ke le joetsitse hore ha le lumele le hoja le mpone.+ 37  Batho bohle bao Ntate a mphang bona ba tla tla ho ’na. Ea tlang ho ’na nke ke ka mo leleka+ 38  hobane ha kea theoha leholimong+ ho tla iketsetsa thato ea ka empa ho etsa thato ea ea nthomileng.+ 39  Thato ea ea nthomileng ke hore ke se ke ka lahleheloa le ke ea mong oa bao a mphileng bona empa hore ke ba tsose+ ka letsatsi la ho qetela. 40  Thato ea Ntate ke hore e mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena a be le bophelo bo sa feleng+ ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”+ 41  Bajuda ba honotha hobane a itse ke eena bohobe bo tsoang leholimong.+ 42  Ba re: “Na eo ha se Jesu mora oa Josefa? Batsoali ba hae rea ba tseba,+ joale ho tla joang hore ebe o re o theohile leholimong?” 43  Jesu a re ho bona: “Tlohelang ho honotha. 44  Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a huloa ke Ntate ea nthomileng.+ Ke tla tsosa motho eo ka letsatsi la ho qetela.+ 45  Mangolong a Baprofeta ho itsoe: ‘Kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’*+ Motho ea mamelang Ntate a bile a ithuta ho eena o tla ho ’na. 46  Ha ho motho ea boneng Ntate+ haese ea tsoang ho eena.* Enoa ke eena ea boneng Ntate.+ 47  Kea le tiisetsa hore ea lumelang o tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 48  Ke ’na bohobe ba bophelo.+ 49  Baholo-holo ba lona ba ile ba ja manna lefeelleng empa ba shoa.+ 50  Ea jang bohobe bo tsoang leholimong eena a ke ke a shoa. 51  Ke ’na bohobe ba bophelo, bo theohileng leholimong. Motho ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng. Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore batho* ba phele, ke nama ea ka.”+ 52  Bajuda ba phehisana ba re: “Na kannete monna eo a ka re o tla re fa nama ea hae re e je?” 53  Kahoo, Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore le ke ke la fumana bophelo* ha le sa je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae.+ 54  Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ke tla mo tsosa+ ka letsatsi la ho qetela. 55  Nama ea ka ke lijo tsa ’nete le mali a ka ke seno sa ’nete. 56  Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka, ’na le eena re tla momahana.+ 57  Joalokaha Ntate ea phelang a nthomile ’me ke phela ka lebaka la hae, ea jang nama ea ka o tla phela ka lebaka la ka.+ 58  Bona ke bohobe bo theohileng leholimong. Ha bo tšoane le boo baholo-holo ba lona ba bo jeleng empa ba ’na ba shoa. Ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+ 59  Jesu o buile lintho tsena ha a ntse a ruta ntlong ea thapelo* Kapernauma. 60  Ha barutuoa ba hae ba utloa a cho joalo, ba bangata ba re: “Re ke ke ra mamela litaba tse tšosang tjena.” 61  Kaha Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ntse ba honotha ka seo a se buileng, a re ho bona: “Na taba ee ea le khopisa? 62  Le ne le ka etsa’ng ha le bona Mor’a motho a nyolohela moo a tsoang?+ 63  Ke moea oa Molimo o fanang ka bophelo,+ nama eona ha e na thuso. Lintho tseo ke le boleletseng tsona li tsoa ho moea oa Molimo ’me li fana ka bophelo.+ 64  Empa ba bang ba lona ha le lumele.” Ho tloha qalong, Jesu o ne a tseba hore na ke bo-mang ba sa lumeleng le hore na ke mang ea tl’o mo rekisa.*+ 65  A boela a re: “Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona, ha ho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a lumeletsoe ke Ntate.”+ 66  Kahoo, barutuoa ba hae ba bangata ba khaotsa ho tsamaea le eena eaba ba khutlela linthong tsa bona.+ 67  Jesu a re ho baapostola ba 12: “Na le lona le batla ho tsamaea?” 68  Simone Petrose a re: “Morena, re tla tsamaea re ee ho mang?+ Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng.+ 69  Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 70  Jesu a re ho bona: “Ke ’na ea le khethileng lona ba 12.+ Empa e mong oa lona ke moetselletsi.”*+ 71  O ne a bua ka Judase mora oa Simone Iskariota hobane o ne a tl’o mo eka le hoja e ne e le e mong oa baapostola ba 12.+

Linaletsana

Ka Segerike: “liteliamo tse ka bang 25 kapa 30.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “o behile setempe sa hae sa kamohelo holim’a hae.”
Ka Segerike: “Molimo.”
Ka Segerike: “lefatše.”
Ka Segerike: “ha le na bophelo ka ho lona.”
Ka Segerike: “sinagogeng.” Kapa mohlomong: “phuthehong.”
Kapa: “eka.”
Kapa: “diabolose.”