Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!

Litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo ke eng? Ke hobane’ng ha re lokela ho li lumela? Bukana ena e araba lipotso tsa Bibele tse tloaelehileng.

Kamoo U ka Ruang Molemo Bukaneng Ena

Bukana ena e tla u thusa hore u thabele ho ithuta Lentsoe la Molimo, e leng Bibele. Bona kamoo u ka sebelisang Bibele ea hao hore u fumane mangolo a bontšitsoeng.

THUTO EA 1

Litaba Tse Molemo ke Eng?

Ithute hore na litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo ke eng, lebaka leo e leng tsa bohlokoa le hore na u lokela ho etsa’ng.

THUTO EA 2

Molimo ke Mang?

Na Molimo o na le lebitso, hona na oa re tsotella?

THUTO EA 3

Na Ruri Litaba Tse Molemo li Tsoa ho Molimo?

Re ka kholiseha joang hore molaetsa oa Bibele ke ’nete?

THUTO EA 4

Jesu Kreste ke Mang?

Ithute lebaka leo Jesu a ileng a shoa ka lona, hore na thekollo ke eng, le hore na Jesu o etsa’ng hona joale.

THUTO EA 5

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Bibele e hlalosa lebaka leo Molimo a bōpileng lefatše ka lona, hore na mahlomola a tla fela neng, le hore na bokamoso ba lefatše le batho ba phelang ho lona ke bofe.

THUTO EA 6

Ho na le Tšepo Efe ka Bafu?

Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Na re sa tla boela re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng?

THUTO EA 7

’Muso oa Molimo ke Eng?

Morena oa ’Muso oa Molimo ke mang, hona ’Muso oo o tla finyella eng?

THUTO EA 8

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bobe le Mahlomola?

Bobe bo qalile joang, hona ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore bo tsoele pele? Na mahlomola sa tla ke a fele?

THUTO EA 9

U ka Etsa Joang Hore Lelapa la Hao le Thabe?

Jehova, Molimo ea thabileng, o batla hore malapa a thabe. Fumana tsela e molemo eo ka eona Bibele e eletsang banna, basali, batsoali le bana.

THUTO EA 10

U ka Khetholla Bolumeli ba ’Nete Joang?

Na ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete? Hlahloba matšoao a mahlano a borapeli ba ’nete.

THUTO EA 11

Melao ea Bibele e ka re Tsoela Molemo Joang?

Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha re hloka tataiso le hore na ke melao-motheo efe e ’meli ea Bibele ea bohlokoa haholo.

THUTO EA 12

U ka Atamela ho Molimo Joang?

Ithute hore na ebe Molimo o mamela lithapelo tsohle, kamoo re lokelang ho rapela kateng le hore na ke’ng hape hore re atamele ho Molimo.

THUTO EA 13

Litaba Tse Molemo ke Life ka Bolumeli?

Na ho sa tla ba le nako eo ka eona batho bohle ba tlang ho kopana borapeling ba Molimo a le mong feela oa ’nete?

THUTO EA 14

Ke Hobane’ng ha Molimo a E-na le Mokhatlo?

Bibele e re bolella lebaka leo Bakreste ba ’nete ba hlophisitsoeng ka lona le kamoo ba hlophisitsoeng kateng.

THUTO EA 15

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele ho Ithuta Litaba Tse Molemo?

Tsebo ea hao ka Molimo le Lentsoe la hae e tla tsoela batho ba bang molemo joang? U ka ba le setsoalle sa mofuta ofe le Molimo?