Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuto 5

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

1. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa lefatše?

Jehova o file banna le basali lefatše. Re bōpetsoe hore re phele ho lona. Kahoo Adama le Eva, e leng banyalani ba babeli ba pele, ba ne ba sa bōpeloa hore ba lule leholimong​—Molimo o ne a se a ntse a bōpile mangeloi hore a lule leholimong. (Jobo 38:4, 7) Ho e-na le hoo, Molimo o ile a nka monna oa pele a mo beha paradeiseng e ntle e bitsoang Edene. (Genese 2:15-17) Jehova o ile a fa monna eo le bana bao a neng a tla ba le bona, tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.​—Bala Pesaleme ea 37:29; 115:16.

Qalong, ke serapa sa Edene feela seo e neng e le paradeise. Banyalani ba babeli ba pele, ba ne ba lokela ho tlatsa lefatše ka bana. Ha nako e ntse e ea, ba ne ba lokela ho busa lefatše lohle le ho le etsa paradeise. (Genese 1:28) Lefatše le ke ke la timetsoa le ka mohla. Le tla lula e le lehae la batho.​—Bala Pesaleme ea 104:5.

Shebella video ea Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Bopa Lefatše?

2. Ke hobane’ng ha lefatše e se paradeise hona joale?

Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo, kahoo Jehova o ile a ba leleka serapeng. Paradeise ha ea ka ea hlola e e-ba teng, ’me ha ho motho ea atlehileng ho e khutlisa. Bibele e re: “Lefatše ho nehelanoe ka lona letsohong la ea khopo.”​—Jobo 9:24.​—Bala Genese 3:23, 24.

Na Jehova o tlohetse morero oo a neng a e-na le oona qalong ka batho? Che! Kaha o matla ’ohle, a ke ke a hlōleha ho o phetha. (Esaia 45:18) O tla boela a etse hore batho ba be ka tsela eo a neng a rerile hore ba be ka eona.​—Bala Pesaleme ea 37:11, 34.

3. Paradeise e tla tsosolosoa joang?

Paradeise e tla tsosolosoa ha Jesu a busa lefatšeng e le Morena ea khethiloeng ke Molimo. Ka ntoa ea Armagedone, Jesu o tla etella pele mangeloi a Molimo hore a timetse bohle ba khahlanong le Eena. Joale Jesu o tla koalla Satane ka lilemo tse 1 000. Batho ba Molimo ba tla pholoha timetso hobane Jesu o tla ba sireletsa le ho ba tataisa. Ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.​—Bala Tšenolo 20:1-3; 21:3, 4.

4. Mahlomola a tla fela neng?

Molimo o tla felisa bokhopo neng lefatšeng? Jesu o ile a fana ka “pontšo” e neng e tla bontša ha bofelo bo se bo atametse. Maemo a lefatše hona joale a behile batho tsietsing ’me a bontša hore re phela nakong ea “qetello ea tsamaiso ea lintho.”​—Bala Matheu 24:3, 7-14, 21, 22.

Nakong ea lilemo tse sekete tseo Jesu a tla beng a busa lefatše a le leholimong, o tla felisa mahlomola ’ohle. (Esaia 9:6, 7; 11:9) Ntle le ho sebeletsa e le Morena, Jesu o tla sebeletsa e le Moprista ea Phahameng ’me a hlakole libe tsohle tsa batho ba ratang Molimo. Kahoo, Molimo o tla sebelisa Jesu hore a felise ho kula, botsofali le lefu.​—Bala Esaia 25:8; 33:24.

5. Ke bo-mang ba tla phela Paradeiseng e tlang?

Ha u le Holong ea ’Muso, u tla kopana le batho ba ratang Molimo le ba batlang ho ithuta ho mo thabisa

Batho ba mamelang Molimo ke bona ba tla phela Paradeiseng. (1 Johanne 2:17) Jesu o ile a roma balateli ba hae hore ba batle batho ba bonolo ’me ba ba rute hore na ke joang ba ka amoheloang ke Molimo. Kajeno, Jehova o lokisetsa batho ba limilione hore ba tle ba phele Paradeiseng e tlang lefatšeng. (Sofonia 2:3) Liholong Tsa ’Muso Tsa Lipaki Tsa Jehova, batho ba ithuta ho ba banna, bo-ntate, basali le bo-’mè ba molemo. Batsoali le bana ba rapela hammoho ’me ba ithuta kamoo ba ka ruang molemo kateng litabeng tse molemo.​—Bala Mikea 4:1-4.