Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 15

Baholo ba Thusa Phutheho Joang?

Baholo ba Thusa Phutheho Joang?

Finland

O oa ruta

Leeto la bolisa

O oa paka

Mokhatlong oa rōna ha ho na baruti ba lefuoang. Ho e-na le hoo, joalokaha ho ne ho etsoa ha phutheho ea Bokreste e qala, ho khethoa balebeli ba tšoanelehang ‘hore ba lise phutheho ea Molimo.’ (Liketso 20:28) Baholo bana ke banna ba hōlileng tsebong ba etellang phutheho pele le ho e lisa, “eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.” (1 Petrose 5:1-3) Ba etsa mosebetsi ofe o re tsoelang molemo?

Baa re hlokomela le ho re sireletsa. Baholo ba tataisa phutheho le ho e sireletsa moeeng. Kaha baa hlokomela hore ke Molimo ea ba fileng boikarabelo bona ba bohlokoa, baholo ha ba hatelle batho ba hae, ho e-na le hoo ba tlatsetsa hore re be le thabo le khotsofalo. (2 Bakorinthe 1:24) Joalokaha molisa a alosa nku e ’ngoe le e ’ngoe ka hloko, baholo ba leka ho tseba e mong le e mong ka phuthehong.—Liproverbia 27:23.

Ba re ruta tsela ea ho etsa thato ea Molimo. Beke le beke, baholo ba etella pele libokeng tsa phutheho e le hore ba re matlafatse tumelong. (Liketso 15:32) Banna bana ba inehetseng ba boetse ba etella pele mosebetsing oa boboleli, ’me ba sebetsa le rōna le ho re koetlisa litšobotsing tsohle tsa tšebeletso.

Baa re khothatsa. E le hore ba re hlokomele moeeng, baholo ba ka ’na ba re etela malapeng kapa ba re khothatsa le ho re tšelisa ka Mangolo ha re le Holong ea ’Muso.—Jakobo 5:14, 15.

Ho phaella mosebetsing oo ba o etsang ka phuthehong, baholo ba bangata baa sebetsa ebile ba na le boikarabelo ba ho hlokomela ba malapa a bona ’me sena se hloka nako. Re lokela ho hlompha bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata.—1 Bathesalonika 5:12, 13.

  • Mosebetsi oa baholo ba phutheho ke ofe?

  • Baholo ba bontša joang hore baa re thahasella?