Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO 4

Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?

Congo (Kinshasa)

Rwanda

Sekhechana sa Symmachus se nang le lebitso la Molimo ho Pesaleme ea 69:31, sa lekholong la boraro kapa la bone la lilemo C.E.

Lipaki Tsa Jehova li qetile lilemo tse mashome li sebelisa, li hatisa le ho aba liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele. Eaba re bona ho hlokahala hore re hatise phetolelo e ncha e tla thusa batho hore ba be le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete,’ eo Molimo a batlang hore batho bohle ba be le eona. (1 Timothea 2:3, 4) Kahoo, ka 1950 ra qala ho hatisa likarolo tsa Bibele ea rōna ea puo ea kajeno, e leng Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Bibele ena e fetoletsoe ka botšepehi le ka nepo ka lipuo tse fetang 120.

Ho ne ho hlokahala Bibele eo batho ba ka e utloisisang habonolo. Lipuo lia fetoha ha nako e ntse e ea, ’me liphetolelo tse ngata li na le lipolelo tse sa hlakang kapa tse seng li sa sebelisoe kajeno tseo ho leng thata ho li utloisisa. Ho feta moo, ho fumanoe libuka tsa boholo-holo tse nepahetseng haholoanyane tse batlang li tšoana le tsa pele, e leng se ileng sa etsa hore batho ba utloisise hamolemo lipuo tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona, e leng Seheberu, Searame le Segerike.

Ho ne ho hlokahala phetolelo e tšepahallang lentsoe la Molimo. Ho e-na le ho fetola se ngotsoeng mangolong a bululetsoeng ke Molimo, bafetoleli ba Bibele ba lokela ho khomarela se neng se ngotsoe qalong. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata tsa Mangolo a Halalelang, ha li sebelise lebitso la Molimo, e leng Jehova.

Ho ne ho hlokahala Bibele e tlotlisang Mongoli oa eona. (2 Samuele 23:2) Phetolelo ea Lefatše le Lecha e khutliselitse lebitso la Jehova libakeng tse ka bang 7 000, tseo le hlahang ho tsona libukeng tsa Bibele tsa boholo-holo, joalokaha ho bontšitsoe sekhechaneng se ka tlaase mona. (Pesaleme ea 83:18) Ka lebaka la phuputso e entsoeng ka mahlahahlaha ka lilemo tse ngata, hoa khatholla ho bala Bibele ena e behang maikutlo a Molimo ka tsela e hlakileng. Ebang u na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea heno kapa che, re u khothalletsa hore u itloaetse ho bala Lentsoe la Jehova letsatsi le letsatsi.—Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:2, 3.

  • Ke hobane’ng ha re ile ra etsa qeto ea hore ho hlokahala phetolelo e ncha ea Bibele?

  • Motho ea batlang ho tseba thato ea Molimo o lokela ho itloaetsa ho etsa’ng letsatsi le letsatsi?