Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke Ile ka Hlōleha ka Makhetlo Empa Qetellong ka Atleha

Ke Ile ka Hlōleha ka Makhetlo Empa Qetellong ka Atleha
  • KE HLAHILE KA: 1953

  • NAHA EA HESO: AUSTRALIA

  • PELE: KE NE KE RATA HO SHEBELLA LITŠOANTŠO TSA BATHO BA TSOTSENG

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ntate oa ka o ile a falla Jeremane ka 1949 ’me a ea Australia. O ne a il’o batla mosebetsi limmaeneng le liteisheneng tsa motlakase ’me a lula libakeng tsa mahaeng Victoria. Ha a le moo o ile a kopana le ’mè oa ka ’me ba nyalana. Ke ile ka hlaha ka 1953.

Lilemo tse ’maloa hamorao ’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Kahoo ke qalile ho tseba Bibele ke sa le monyenyane. Leha ho le joalo, ntate oa ka o ne a sa rate bolumeli ba mofuta ofe kapa ofe. O ne a rata ntoa a bile a hatella, kahoo ’Mè o ne a mo tšaba haholo. ’Mè o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele lekunutung ’me a thabela lintho tseo a ithutang tsona. Ha Ntate a ne a tsamaile, ’Mè o ne a qoqela ’na le khaitseli ea ka lintho tseo a li balileng. O ile a re bolella ka paradeise e tla ba teng lefatšeng le hore haeba re mamela melao ea Bibele re tla thaba.—Pesaleme ea 37:10, 29; Esaia 48:17.

Ha ke le lilemo li 18 ke ile ka tlameha ho tloha lapeng kaha Ntate o ne a le mabifi. Le hoja ke ne ke lumela lintho tseo ’Mè a nthutileng tsona Bibeleng, ke ne ke sa li nke e le tsa bohlokoa. Kahoo ke ne ke sa phele ka melao ea Bibele. Ke ile ka qala ho sebetsa ka motlakase ’maeneng o mong oa mashala. Ke ile ka nyala ha ke le lilemo li 20. Lilemo tse tharo hamorao re ile ra ba le morali, eaba ke hona ke qalang ho bona hore na ntho ea bohlokoa ke efe bophelong. Ke ne ke tseba hore Bibele e ka thusa lelapa la rōna, kahoo ka qala ho ithuta Bibele le Paki ea Jehova. Empa mosali oa ka o ne a sa batle Lipaki Tsa Jehova. Ka le leng ka mor’a hore ke ee libokeng tsa Lipaki, o ile a nkhalemela ka matla a re ke khaotse ho ithuta Bibele ho seng joalo ke mo tsoele ka ntlo. Kaha ke ne ke se na matla, ke ile ka mo mamela eaba ke tlohela ho ithuta le Lipaki. Hamorao ke ile ka ikoahlaea haholo hore ebe ha kea ka ka latela seo ke tsebang hore ke ’nete.

Ka letsatsi le leng batho bao ke sebetsang le bona ba ile ba nchebellisa litšoantšo tsa batho ba tsotseng. Ho ne ho le monate ho li shebella empa ho bile ho nyontša. Ha ke qeta ho li shebella ke ne ke sala ke na le letsoalo le molato. Ha ke ne ke hopola lintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng ke ne ke lumela hore Molimo o tla nkotla. Ha ke ntse ke tsoela pele ho shebella litšoantšo tsena, ke ile ka qala ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona ka tsona. Ha nako e ntse e e-ea ke ne ke se ke lula ke li shebella.

Ka mor’a lilemo tse 20, ke ne ke se ke phela ka tsela e fapaneng le eo ’Mè a nthutileng eona. Lintho tseo ke neng ke li shebella li ile tsa fetola tsela eo ke nahanang ka eona. Ke ne ke le litlhapa ’me ke rata mesoaso e litšila. Ke ile ka qala ho ba le maikutlo a fosahetseng ka thobalano. Le hoja ke ne ke nyetse, ke ne ke ratana le basali ba bang. Ka letsatsi le leng ke ile ka icheba ka seiponeng ’me ka utloa ke sa ithate. Ke ne ke se ke sa itlhomphe.

Ke ile ka hlalana le mosali oa ka ’me bophelo ba ka ba senyeha. Ke ile ka rapela Jehova ho tsoa botebong ba pelo. Ka boela ka qalella ho ithuta Bibele le hoja ke ne ke khaolitse ho ithuta ka lilemo tse fetang mashome a mabeli. Ntate o ne a se a hlokahetse ka nako eo, ’Mè eena e ne e se e le Paki ea Jehova.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ho ne ho e-na le phapang e khōlō pakeng tsa tsela eo ke neng ke phela ka eona le seo Bibele e se rutang. Ke ne ke se ke batla ho ba le khotso kelellong joalokaha Bibele e tšepisa. Ke ile ka ikemisetsa ho tlohela lipuo tse litšila le ho ba bohale. Ka boela ka tlohela boitšoaro bo litšila, ka khaotsa ho becha, ho noa joala haholo le ho utsoa mosebetsing.

Metsoalle ea ka mosebetsing e ne e sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke batla ho etsa liphetoho tse khōlō hakana. Ba ile ba leka ho ntšusumetsa hore ke khutlele mekhoeng ea ka ’me ba nqophella ka lilemo tse tharo. Haeba ke ne ke etsa ntho e fosahetseng joaloka ho koata haholo kapa ho bua ntho e mpe ba ne ba hoeletsa ka thabo ba re: “Eke! Ke Joe eo re mo tsebang.” Mantsoe ao a ne a nkutloisa bohloko haholo! Ke ne ke ikutloa eka ke hlōlehile.

Moo ke sebetsang ho ne ho tletse litšoantšo tsa batho ba tsotseng, e le tse livideong le libukeng. Basebetsi-’moho ba ne ba lula ba romellana litšoantšo tsa batho ba tsotseng ka lik’homphieutha joalokaha ke ne ke etsa. Ke ne ke leka ka matla ho tlohela litšoantšo tsena empa basebetsi-’moho ba ne ba batla hore ke ’ne ke li shebelle. Ke ile ka kōpa motho ea neng a nthuta Bibele hore a nthuse le ho nkhothatsa. O ile a ’mamela ka hloko ha ke ntse ke ntša maikutlo. A sebelisa litemana tsa Bibele ho mpontša hore na nka sebetsana le bothata ba ka joang. O ile a nkhothalletsa hore ke kōpe thuso ho Jehova ka ho lula ke rapela kamehla.​—Pesaleme ea 119:37.

Ka letsatsi le leng ke ile ka bitsa basebetsi-’moho. Ha ba se ba bokane ke ile ka kōpa hore ba fane ka joala ho banna ba babeli ba neng ba tsebahala ka ho bo rata. Ba ile ba hoeletsa ba re: “U ke ke oa etsa joalo! Banna bana ba na le bothata ba ho tlohela joala!” Eaba ke re: “Le ’na ke tšoana le bona.” Ho tloha letsatsi leo, ba ile ba hlokomela hore ke loantšana le bothata ba litšoantšo tsa batho ba tsotseng eaba ba khaotsa ho ntšusumetsa ho etsa lintho tseo ke neng ke li etsa pele.

Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka khona ho hlōla bothata ba ho shebella litšoantšo tsa batho ba tsotseng ka lebaka la thuso ea Jehova. Ka 1999 ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba Paki ea Jehova. Ke ananela hore ebe ke ile ka boela ka fuoa monyetla oa ho qala bophelo bo hlomphehang le bo thabileng.

Joale kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a hloile lintho tseo ke neng ke li rata haholo. Kaha ke Ntate ea lerato, o ne a batla ho ntšireletsa kotsing e bakoang ke ho shebella litšoantšo tseo. Mantsoe a ho Liproverbia 3:5, 6 ke ’nete e tsoileng matsoho! Lengolo leo le re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Melao ea Bibele ha e re sireletse feela, empa e boetse e re thusa hore re atlehe.—Pesaleme ea 1:1-3.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Qalong ke ne ke utloa ke inyonya, empa hona joale kea itlhompha ebile ke na le khotso. Ke phela bophelo bo hloekileng ebile kea utloa hore Jehova o ntšoaretse le hore o oa ntšehetsa. Ka 2000 ke ile ka nyala Karolin e leng mosali e motle oa Mokreste ea ratang Jehova joaloka ’na. Lehae la rōna ke sebaka sa khotso. Re ikutloa re le lehlohonolo ho ba karolo ea bara ba motho ba Bakreste ba lefatšeng lohle ba phelang bophelo bo hloekileng ’me ba ratana.