Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ikemisetse

Ikemisetse

E le hore u be le boikemisetso ha u etsa mosebetsi leha e le ofe, u lokela ho bona bohlokoa ba oona..

SEKOLO se na le bohlokoa bofe? Se tla u thusa hore u fumane bohlale, ’me Bibele e re “bohlale ke tšireletso.” (Moeklesia 7:12) Ka tsela efe? Ka mohlala: Ak’u nahane u tsamaea sebakeng se kotsi. U ne u ka khetha hofe—ho tsamaea u le mong kapa ho tsamaea le metsoalle e neng e ka u sireletsa ha ho hlokahala? Thuto e ntle e tšoana le “metsoalle” e matla e tla lula e u tšehetsa. E akarelletsa:

  • Bokhoni ba ho nahana. Ho ea sekolong ho ka u thusa hore u be le seo Bibele e reng ke “ho ba le kelello le kahlolo e molemo.” (Liproverbia 3:21, Contemporary English Version) Ha u e-na le tsebo eo, seo se tla u thusa hore u khone ho itharollela mathata ho e-na le ho lula u itšetleha ka batho ba bang hore ba u rarollele ’ona.
  • Ho tseba ho phelisana le ba bang. Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba be le litšobotsi tse kang tiisetso le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Ha u kopana le batho ba fapaneng sekolong, seo se u fa monyetla o moholo oa hore u ipabole ho bontšeng litšobotsi tseo hammoho le mamello, tlhompho le kutloelo-bohloko—e leng litšobotsi tse tla u thusa ha u se u le motho e moholo.
  • Koetliso e tla u tsoela molemo. Sekolo se ka u ruta bohlokoa ba ho sebetsa ka thata, e leng ntho e tla u thusa hore u fumane mosebetsi le ho lula u e-na le oona. Hape, ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka lefatše le u potolohileng, seo se tla u thusa hore u itsebe haholoanyane le ho tseba seo u se lumelang. (Liproverbia 14:15) Ha u e-na le tsebo eo, u tla khona ho bontša ba bang tlhompho ha u bua le bona ka tumelo ea hao.—1 Petrose 3:15.

Ntlha ea bohlokoa: Kaha u hloka thuto, ho ke ke ha u thusa ka letho ho lula u nahana ka lintho tseo u sa li rateng ka sekolo. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho nahana ka lintho tse u khothatsang tse boletsoeng ka holimo. Mohlomong u ka khona le ho nahana ka tse ling tse ngata!

Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale? Nahana ka lintho tse u khothatsang haholo tse ka u atlehisang sekolong.