Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Phetse Hantle

Lula U Phetse Hantle

Ho itlhokomela ho ka etsa hore mosebetsi oa hao oa sekolo o ntlafale—’me uena u tla phela hantle.

KE NTHO e utloahalang hore u hlokomele ’mele oo Molimo a u fileng oona. (Pesaleme ea 139:14) Ka mohlala: Nahana u e-na le koloi, empa ho se mohla u iphang nako ea ho e lokisa hore e be maemong a loketseng. Koloi eo e tla tsamaea ho se hokae ebe ea robeha. Ho ka etsahala ntho e tšoanang ka ’mele oa hao. U ka itlhokomela ka tsela efe?

Phomola.

Ho se robale ka ho lekaneng ho ka etsa hore u shebahale eka ua kula, ha u siea u tepelletse, u ferekane ebile u hatellehile maikutlong. Ho fapana le hoo, ho phomola ka ho lekaneng ho tla etsa hore u be le matla a eketsehileng. Ho ka boela ha etsa hore u hōle, boko ba hao bo sebetse hantle, masole a ’mele a sebetse hantle, ’me ha ntlafatsa tsela eo u ikutloang ka eona. Ruri ho phomola ho ka u ruisa molemo o moholo le hoja ho sa hloke boiteko bo bokaalo!

Tlhahiso: Ha ho khoneha, leka ho robala ka nako e tšoanang kamehla.

Lijo tse nepahetseng.

Bacha ba hōla ka potlako. Ka mohlala, ha bashemane ba le pakeng tsa lilemo tse 10 le 17, ba bangata ba eketsa boima ba ’mele ea bona e mesesaane ka makhetlo a mabeli. Banana le bona ba hōla ka potlako. ’Mele o ntseng o hōla o hloka lijo tse ngata tse jeoang li sa phehoa le tse matlafatsang. Etsa bonnete ba hore u fepa ’mele oa hao ka tsela e hlokahalang.

Tlhahiso: U se ke ua tsamaea u sa ja lijo tsa hoseng. Ho ja pele u e-ea sekolong ho ka u thusa hore u khone ho mamela ka tlelaseng, ’me ho etse hore u se ke ua lebala kapele.

Boikoetliso.

Bibele ea lumela hore “boikoetliso ba ’mele ke ba bohlokoa.” (1 Timothea 4:8, Contemporary English Version) Ho ikoetlisa ho ka matlafatsa mesifa le masapo a hao, ha etsa hore u be le mokoka, ha laola boima ba hao ba ’mele, ha etsa hore kelello ea hao e sebetse hantle, ha nyolla tšebetso ea masole a ’mele, ha fokotsa khatello ea kelello ha ba ha etsa hore u ikutloe u thabile. Ke ’nete hore ho ikoetlisa ho ka ba monate, kaha ho ka akarelletsa lintho tseo u ratang ho li etsa!

Ntlha ea bohlokoa: Ho robala ka ho lekaneng, ho ja lijo tse matlafatsang le ho ikoetlisa ka ho lekaneng, ho ka u thusa hore u lule u phetse hantle. Seo se tla u thusa hore u ntlafatse mosebetsi oa hao oa sekolo. *

Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale? Iketsetse kemiso ea ho ikoetlisa kamehla le ka ho leka-lekaneng. Sheba tsela eo u jang le eo u robalang ka eona nakong e ka etsang khoeli, ebe u ngola lintho tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona.

“Ha ke ikoetlisa ka hore ke tsamaee ka potlako, ke ba le matla a eketsehileng—le haeba qalong ke ne ke ikutloa ke khathetse.”—Jason, New Zealand.

“Ke nahana hore Molimo o re file lijo hore re fepe ’mele ea rōna, kahoo, ke batla ho fepa ’mele oa ka ka lijo tse nepahetseng!”—Jill, United States.

“Ke matha hararo ka beke, ’me ke tsamaea ka potlako kapa ke palama baesekele habeli ka beke. Ho ikoetlisa ho mpha matla a eketsehileng hape ho etsa hore ke theole khatello ea kelello.”—Grace, Australia.

^ ser. 9 Hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le bophelo ba hao, sheba khaolo ea 10 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.