Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE SEKOAHELONG

Ho Hōlisa Bana ba Nahanelang Lefatšeng le Tletseng Boithati

Ho Hōlisa Bana ba Nahanelang Lefatšeng le Tletseng Boithati

LETSATSI ka leng le fa batho monyetla oa hore ba etsetse ba bang liketso tse bontšang mosa. Empa ho bonahala eka batho ba bangata ba inahana bobona feela. U ka bona mohlala oa seo hoo e batlang e le hohle—batho ba qhekella ba bang ba sa hlajoe ke lihlong, ba khanna habohlasoa, ba bua puo e tala ebile ba phatloha ka bohale.

Boithati bo boetse bo bonahala le malapeng a mangata. Ka mohlala, batho ba bang ba hlala balekane ba bona hobane feela e mong oa bona a nahana hore “a ka fumana molekane e mong ea betere.” Esita le batsoali ba bang ba ka etsa hore bana ba bona e be baithati ba sa hlokomele. Ka tsela efe? Ka ho fa bana ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang, empa ba tsilatsila ho ba khalemela ha ho hlokahala.

Leha ho le joalo, batsoali ba bang ba ruta bana ba bona hore ba nahanele batho ba bang, ’me ho etsa joalo ho ba ruisa molemo o moholo. Bana ba nahanelang ba khona ho theha setsoalle se tšoarellang le batho ba bang. Hape e ka ’na ea e-ba batho ba thabileng. Hobane’ng? Hobane joalokaha Bibele e bolela, “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Haeba u motsoali, u ka etsa’ng e le hore u thuse bana ba hao hore ba rue molemo o tlisoang ke ho bontša batho ba bang mosa le ho qoba ho susumetsoa ke moea oa boithati o renang lefatšeng le ba potolohileng? Nahana ka lintho tse tharo tse ka ’nang tsa etsa hore bana ba hao ba kenoe ke moea oa boithati, ’me u bone kamoo u ka li qobang kateng.

 1 Ho ba Babatsa ka ho Feteletseng

Bothata. Bafuputsi ba hlokometse hore ho na le mokhoa o tšoenyang: Bacha ba bangata ba qala mosebetsi ba e-na le maikutlo a hore ke batho ba bohlokoa—e leng boikutlo bo etsang hore ba lebelle ho atleha, esita leha ba etsa ho ho nyenyane kapa ba sa etse letho le tla ba atlehisa. Bang bang ba bile ba nahana hore ba tla nyolloa mosebetsing ka potlako feela le hoja ba sa tsebe ho etsa mosebetsi oa bona hantle. Ba bang bona ba nahana hore ke ba bohlokoa ’me ba lokela ho tšoaroa ka tsela e khethehileng—kahoo, ba sulafalloa ke bophelo haeba batho ba bang ba sa ba talime ka tsela eo.

Ke’ng e etsang hore ba ikutloe joalo? Ka linako tse ling, ntho e etsang hore motho a nahane hore ke oa bohlokoa haholo, ke tsela eo a hōlisitsoeng ka eona. Ka mohlala, batsoali ba bangata ba susumelitsoe haholo ke mokhoa o ’nileng oa ratoa lilemong tsa morao tjena, oa ho khothaletsa batho hore ba itšepe. Mokhoa ona o thehiloe khopolong ea hore: Haeba ho loketse ho babatsa bana hanyenyane feela, ho ba babatsa haholo ho molemo le ho feta. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba ile ba fuoa maikutlo a hore ha ba khalemela bana, ba tla ba nyahamisa. U ne u tla nkoa u le motsoali e mobe, haeba u sa latele mokhoa oo o ratoang oa ho khothalletsa bana hore ba itšepe. Batsoali ba ne ba bolelloa hore ha baa lokela ho nyahamisa bana ba bona.

Kahoo, batsoali ba bangata ba ile ba qala ho babatsa bana ba bona ka ho feteletseng, esita leha bana bao ba ne ba sa etsa letho le tšoaneloang ke pabatso. Ba ne ba babatsa bana ba bona ho sa tsotellehe hore na ba finyelletse ntho e nyenyane hakae; phoso leha e le efe eo ba e etsang ho sa tsotellehe hore na e khōlō hakae, ba ne ba e hlokomoloha. Batsoali bao ba ne ba lumela hore e le hore bana ba bona ba itšepe, ba lokela ho hlokomoloha lintho tse mpe tseo ba li etsang ’me ba shebe tse ntle feela. Ho etsa bana hore ba itšepe e ne e le ntho ea bohlokoa haholo ho feta ho ba ruta ho finyella lintho tse tla etsa hore ba thabe hobane ba li sebelelitse.

Seo Bibele e se buang. Bibele ea lumela hore ho loketse ho babatsa motho haeba a tšoaneloa ke ho babatsoa. (Matheu 25:19-21) Empa ha batsoali ba babatsa bana hobane feela ba batla ho ba khotsofatsa, seo se ka ’na sa etsa hore ba be le boikutlo bo fosahetseng ka seo ba leng sona. Ka nepo, Bibele e re: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” (Bagalata 6:3) Ka ho utloahalang, Bibele e re ho batsoali: “Se time ngoana khalemelo; leha u mo shapa ka thupa, a ke ke a shoa.” *Liproverbia 23:13, Bibele ea Sesotho.

Seo u ka se etsang. Ikemisetse ho khalemela bana ha ho hlokahala le ho ba babatsa ha ho hlile ho loketse. U se ke ua babatsa bana ba hao hobane feela u batla ho ba thabisa. Seo se ka ’na sa se ke sa atleha. Buka ea Generation Me, e re: “U itšepa e le kannete ha u ntlafatsa bokhoni ba hao hanyane ka hanyane ’me u ithuta lintho, eseng ha u bolelloa hore u motho oa bohlokoa hobane feela u phela.”

“U se ke ua inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang. Ho e-na le hoo, ikokobetse.”—Baroma 12:3, Good News Translation

 2 Ho ba Sireletsa ka ho Feteletseng

Bothata. Ho bonahala eka bacha ba bangata ba qalang ho sebetsa ha baa itokisetsa ho tobana le mathata. Ba bang ba sithabela haholo le ha ba bolelloa ka liphoso tse nyenyane tseo ba li entseng. Ba bang ho boima ho ba khotsofatsa, ’me ba nka mosebetsi hafeela ba lumela hore o tšoanela maemo a bona. Ka mohlala, bukeng e reng Escaping the Endless Adolescence, Dr. Joseph Allen o bua ka mohlankana ea ileng a bua tjena ha a ne a mo hlahlobela mosebetsi: “Ke nahana hore ka linako tse ling likarolo tsa mosebetsi ona li ka ’na tsa bora, ’me ’na ha ke batle ho boreha.” Dr. Allen oa ngola: “Ho bonahala eka mohlankana eo o ne a sa utloisise hore mosebetsi o mong le o mong o na le likarolo tse itseng tse borang. Ho tlile joang hore mohlankana ea lilemo tse 23 a se ke a tseba seo?”

Bothata bo bile hokae? Lilemong tsa marao tjena, batsoali ba bangata ba ’nile ba ikutloa ba tlameha ho sireletsa bana ba bona bothateng leha e le bofe. U etsa joang ha morali oa hao a feitse tlhahlobo? Na u itšunya tabeng eo, ’me u laela tichere ea hae hore e nyolle limmaraka tsa hae? U etsa joang ha mora oa hao a lokela ho lefa tekete ea ho tlōla molao oa tsela? Na u mo lefella eona? U etsa joang haeba a lahlane le motho eo a neng a ratana le eena? Na u beha motho e mong molato oa hore ebe ba lahlane?

Le hoja ka tlhaho u ka batla ho sireletsa bana ba hao, ho ba sireletsa ka ho feteletseng ho ka ba fa maikutlo a mabe—hore ha baa lokela ho nka boikarabelo ka liketso tsa bona. Buka ea Positive Discipline for Teenagers e re: “Ho e-na le hore ba ithute hore ba ka khona ho mamella bohloko le ho soetseha, esita le ho ithuta linthong tseo, bana [ba joalo] ba hōla e le baithati, ba kholisehile hore batsoali ba bona le batho ba bang ba tlamehile ho ba etsetsa lintho.”

Seo Bibele e se buang. Ho tobana le mathata ke karolo ea bophelo. Ha e le hantle, Bibele e re: “Batho bohle ba hlaheloa ke lintho tse mpe!” (Moeklesia 9:11, Easy-to-Read Version) Batho bao ba akarelletsa le ba lokileng. Ka mohlala, moapostola oa Mokreste Pauluse, o ile a mamella mathata a mangata nakong ea ha a etsa mosebetsi oa hae oa boboleli. Leha ho le joalo, ho tobana le mathata ho ile ha mo ruisa molemo! O ile a ngola a re: “Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala. . . . Ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.”—Bafilipi 4:11, 12.

Seo u ka se etsang. U nahanne ka hore na bana ba hao ba hōlile hakae kelellong, loanela ho latela molao-motheo ona oa Bibele o reng: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5) Haeba mora oa hao a fumana tekete ea ho tlōla molao oa tsela, mohlomong ho ka ba molemo hore u mo tlohelle hore a e lefe ka chelete ea hae eo le mo fang eona kapa ka moputso oa hae. Haeba morali oa hao a feila tlhahlobo, mohlomong seo se lokela ho mo phaphamisa hore nakong e tlang ha a il’o ngola, a itokise hantle. Haeba mora oa hao a lahlane le motho eo a ratanang le eena, mo tšelise—empa ka nako e loketseng, mo thuse hore a nahane ka lipotso tse kang, ‘Ha ke talima morao, na ntho e ntlhahetseng e mpontšitse lintho tseo ke lokelang ho ntlafatsa ho tsona?’ Bana ba tsebang ho itharollela mathata, ba ba le mamello ’me baa itšepa—e leng litšobotsi tsa bohlokoa tseo ba ke keng ba e-ba le tsona haeba ba lula ba namoleloa.

“E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang.”—Bagalata 6:4

 3 Ho ba fa Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe eo ba e Batlang

Bothata. Phuputsong e entsoeng bacheng, karolo e etsang 81 lekholong e boletse hore ‘ho rua’ ke habohlokoa haholo ho feta ho thusa batho ba bang. Empa ho lelekisa leruo ha ho tlise khotsofalo. Ha e le hantle, phuputso eo e bontša hore batho ba lelekisang leruo ha baa thaba ho e-na le hoo, ba na le khatello e eketsehileng maikutlong. Ba boetse ba na le mathata a eketsehileng ’meleng le kelellong.

Ke eng se bakang bothata? Maemong a mang, bana ba hōlisetsoa malapeng a hahamallang leruo. Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Batsoali ba batla ho thabisa bana ba bona, bana le bona ba batla lintho. Kahoo batsoali ba ba rekela lintho. Ebe bana baa thaba, empa ka nakoana e seng kae. Ebe ba batla lintho tse eketsehileng.”

Indasteri e etsang lipapatso e nka monyetla ka boemo bona ba batho ba lulang ba batla ho reka. E fa batho maikutlo a kang, ‘U lokela ho ba le lintho tse ntle ka ho fetisisa, lia u tšoanela.’ Bacha ba bangata ba khotsoe mantsoe ana ’me hona joale ba likolotong, ba hlōleha ho lefella lintho tse ba “tšoanelang.”

Seo Bibele e se buang. Bibele ea lumela hore re hloka chelete. (Moeklesia 7:12) Ka nako e tšoanang, e lemosa hore “lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” E phaella ka ho re: “ka ho hahamalla lerato lena ba bang . . . ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:10) Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra lelekisa leruo, empa re khotsofale ha re e-na le lintho tseo re li hlokang hore re phele.—1 Timothea 6:7, 8.

“Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi.”—1 Timothea 6:9

Seo u ka se etsang. Joaloka motsoali, hlahloba boikutlo boo u nang le bona ka chelete le ka lintho tseo e ka li rekang. Etelletsa lintho tsa bohlokoa pele ’me u thuse le bana ba hao ho etsa se tšoanang. Buka ea The Narcissism Epidemic e qotsitsoeng pejana, ea eletsa: “Batsoali le bana ba ka qala ho buisana ka lintho tse kang, ‘Ke neng moo ho reka lintho ha li nyehlisitsoe ho loketseng? Ke neng ha ho sa lokela?’ ‘Ha u etsa sekoloto, u tla lefa tsoala e kae?’ ‘Ke neng moo u kileng ua reka ntho e itseng hobane feela ho na le motho ea reng u e reke?’”

E-ba hlokolosi hore u se ke ua rekela bana lintho tse ngata ka morero oa ho koahela mathata ao le lokelang ho a rarolla. Buka ea The Price of Privilege e re, “Ke ntho e tsebahalang hore ho koahela mathata ka ho reka lintho tse ngata ha ho atlehe. Mathata a lokela ho rarolloa ho sebelisoa kelello, bohlale le kutloelo-bohloko, eseng ka ho reka lieta le mekotla.”

^ ser. 11 Bibele ha e tšehetse taba ea hore bana ba hlekefetsoe ’meleng kapa maikutlong. (Baefese 4:29, 31; 6:4) Batsoali ba lokela ho shapa bana ka morero oa ho ba ruta, eseng ho ntšetsa khalefo ho bona.