Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Paradeise

Paradeise

Paradeise ke Eng?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba nahana hore Paradeise ke tšōmo feela tjee. Ba bang bona ba lumela hore Paradeise ke sebaka se setle ka ho fetisisa se kang serapa, seo batho ba lokileng ba phelang ho sona ka ho sa feleng ba bileng ba etsang mesebetsi e thabisang le e khotsofatsang.

SEO BIBELE E SE BUANG

Lentsoe lena “paradeise” le ’nile la sebelisoa ho hlalosa lehae la pele la moloko oa batho, e leng serapa sa Edene. (Genese 2:7-15) Bibele e bua ka serapa seo e le sebaka sa sebele, seo banyalani ba pele ba neng ba phela ho sona ba sa kule ba bile ba sa shoe. (Genese 1:27, 28) Ka lebaka la ho se mamele Molimo, banyalani bao ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona la paradeise. Leha ho le joalo, boprofeta bo bongata ba Bibele bo hlalosa bokamoso boo ho bona batho ba tla thabela Paradeise e tsosolositsoeng.

KE HOBANE’NG HA TABA EE E LE EA BOHLOKOA HO UENA?

Haeba Molimo o lerato, joale e ne e tla ba ho utloahalang hore a putse barapeli ba hae ba tšepahalang ka bophelo bo botle sebakeng se kang Paradeise. Hape, e ne e tla ba ho utloahalang hore Molimo a tsebise batho hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore a ba amohele. Bibele e bolela hore u ka amoheleha ho Molimo haeba u ithuta ka eena le ho mamela litaelo tsa hae.—Johanne 17:3; 1 Johanne 5:3.

“Jehova Molimo a lema serapa Edene, . . . ’me moo a beha motho eo a mo entseng.”—Genese 2:8.

 Paradeise e Hokae?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba lumela hore Paradeise e leholimong, ha ba bang bona ba re e tla thehoa hona mona lefatšeng nakong e tlang.

SEO BIBELE E SE BUANG

Paradeise ea pele e neng e etselitsoe batho e ne e le lefatšeng. Ho hlakile hore Molimo o khethile lefatše hore e be lehae la batho la ka ho sa feleng. Bibele e re Molimo o entse lefatše la rōna hore le be teng ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 104:5) E boetse e re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.

Kahoo, ha ho makatse hore ebe Bibele e tšepisa hore ho tla ba le Paradeise lefatšeng. Ho eona, Molimo o tla hlohonolofatsa moloko oa batho ka bophelo bo sa feleng. Ho tla rena khotso le kutloano. Bohloko le mahlomola li tla be li felile. Batho ba tla thabela ka botlalo lintho tse hlollang tsa tlhaho tsa lefatše.—Esaia 65:21-23.

“Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, . . .  lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.

Ke bo-mang ba tla phela Paradeiseng?

SEO BATHO BA SE BUANG

Malumeli a mangata a ruta hore ke batho ba molemo feela ba tla phela Paradeiseng. Empa ho na le pherekano e khōlō mabapi le hore na motho ea “molemo” ke ea joang. Ba bang ba nahana hore se hlokahalang ke hore feela motho a kopanele meketeng ea bolumeli le lithapelong tse etsoang ho latela moetlo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e ruta hore “ba lokileng” ba tla phela Paradeiseng. Empa ke mang ea lokileng mahlong a Molimo? Hase motho ea kopanelang meetlong ea bolumeli ba hae empa a iphapanyetsa thato ea Molimo. Bibele e re: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.” (1 Samuele 15:22) Ka mantsoe a mang, “ba lokileng” ba tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng, ke ba mamelang melao ea Molimo joalokaha e hlalositsoe ka Bibeleng.

SEO U KA SE ETSANG

Ho mamela melao ea Molimo hase feela ho kopanela meketeng ea bolumeli. Tsela eo u itšoarang ka eona letsatsi le letsatsi, e ka etsa hore u khahlise Molimo kapa u mo khopise. U ka ithuta ho khahlisa Molimo ka hore u hlahlobe Bibele ka hloko. Ha ho thata ho mo khahlisa. Bibele e re “litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Molimo o labalabela ho u putsa ka hore a u fe tokelo ea ho phela Paradeiseng ha u mamela.

“Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.