Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KE SA PHELELA’NG?

Lintho Lia Fetoha

Lintho Lia Fetoha

“Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa.”—2 BAKORINTHE 4:8.

Ho ipolaea ho ’nile ha bitsoa “tharollo ea ka ho sa feleng ea bothata ba nakoana.” Le hoja u ka ’na ua se ke ua lumela, boemo bo sithabetsang—esita leha u bona eka u ke ke ua khona ho bo fetola—bo ka ’na ba fetoha u sa lebella.—Sheba lebokose le reng  “Maemo a Bona a Ile a Fetoha.”

Esita le haeba a ke ke a fetoha, ho molemo hore u rarolle bothata bo le bong ka nako. Jesu o ile a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”—Matheu 6:34.

Empa u tla etsa’ng haeba maemo a hao a sa fetohe? Ka mohlala, a re re mohlomong u tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng. Kapa u nyahamisitsoe ke boemo bo ke keng ba etsolloa bo kang ho qhalana ha lenyalo kapa ho shoeloa ke motho eo u mo ratang?

Esita le maemong a joalo, ho na le seo u ka se fetolang: tsela eo u talimang maemo a hao ka eona. Ha u ithuta ho amohela lintho tseo u sa khoneng ho li fetola, ho ba bonolo hore u be le tšepo. (Liproverbia 15:15) U ka boela ua khona ho mamella boemo boo ho e-na le ho nahana hore ho ipolaea ke eona tharollo ea mathata a hao. Phello e tla ba efe? U tla khona ho laola tsela eo u talimang boemo boo ka eona esita le haeba u sitoa ho bo fetola.—Jobo 2:10.

HOPOLA: U ke ke ua hloa thaba ka mohato o le mong feela; empa u ka khona ho e hloa hanyane ka hanyane. Hoa tšoana le ka mathata a mangata a re hlahelang, le hoja a ka bonahala a le mangata haholo u lokela ho talimana le ’ona hanyane ka hanyane.

SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE: Bolella motho e mong mathata a hao, mohlomong motsoalle kapa setho sa lelapa. Motho eo a ka ’na a u thusa hore u talime boemo ba hao ka tsela e nepahetseng.—Liproverbia 11:14.